Beke ea 30 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (8:12-17)
“Le amohetse moea oa bana ba kentsoeng litokelong tsa lelapa, oo ka oona re hooang, re re Abba! Ntate!”
Bana beso! Seo e leng sa botho feela ha se sa na matla ho rona, ha re sa tlamehile ho phela joalo; hobane ha le ka phela ka botho feela, le tla shoa. Empa ha eba ka Moea, le bolaea mesebetsi ea ‘mele, le tla phela.
Bohle ba tsamaisoang ke Moea oa Molimo, ke bana ba Molimo. Hobane ha lea ka la amohela moea oa bokhoba, hore le boele le phele tšabong; empa le amohetse moea oa bana ba kentsoeng litokelong tsa lelapa, oo ka oona re hooang, re re Abba! Ntate!
Moea ka bo-oona o ikopanya le moea oa rona ho paka hore re bana ba Molimo. ‘Me ha re le bana, le teng re majalefa, majalefa a Molimo, le majalefa hammoho le Kriste, ha re fela re utloisoa mahloko le eena, re tle re tlotlisoe ‘moho le eena.
PESALEMA 67
MOLIMO OA RONA KE MOLIMO EA PHOLOSANG.
Molimo a ke a phahame, ‘me lira tsa hae li qhalane,
ba mo hloileng ba balehe pel’a hae!
Empa ba lokileng ba thabile,
ba nyakaletse pel’a Molimo,
ba motlotlo ke thabo.
MOLIMO OA RONA KE MOLIMO EA PHOLOSANG.
Ke ntat’a likhutsana, moahloleli oa bahlolohali;
o joalo Molimo qalong e halalelang ea hae.
Molimo o fa ba-se-nang-mang-oee lehae,
o lokolla batšoaruoa ho ba busetsa boiketlong.
MOLIMO OA RONA KE MOLIMO EA PHOLOSANG.
Ho bokoe Morena ka letsatsi le letsatsi!
Oa re pepa, Molimo mopholosi oa rona.
Molimo oa rona ke Molimo ea pholosang;
Morena Molimo a ka phemisa motho lefu.
MOLIMO OA RONA KE MOLIMO EA PHOLOSANG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (13:10-17)
“Athe morali enoa oa Abrahama, e ne e se tšoanelo hore a lokolloe tlamong eo ka Sabbatha na?”
Ka nako eo, Jesu o n’a ruta tlung ea thapelo ea Bajodi, ka Sabbatha. Ho ne ho le teng moo mosali e mong, eo ka lilemo tse leshome le metso e robeli, a neng a kenoe ke moea o neng o mo holofalitse. O n’a s’a khutlaletse, a sitoa ho inamoloha le hanyenyane. Eitse ha Jesu a ‘mona, a ‘miletsa ho eena, ‘me a re ho eena: Mosali, u lokolotsoe kholofalong ea hau. A nt’o ‘meha matsoho, ‘me ka nako le motsotso, mosali a inamoloha ‘me a tlotlisa Molimo.
Eaba motsamaisi oa ntlo ea thapelo oa halefa, kahobane Jesu o n’a folisitse ka Sabbatha. A bolella batho, a re: Matsatsi a tšeletseng a teng ao ka ‘ona ho lokelang ho sebetsoa. Le tle ka ‘ona ho folisoa, e seng ka letsatsi la Sabbatha. Empa Morena a mo fetola, a re: Baikaketsi! Hleka e mong le e mong oa lona a ke ke a lokolla khomo ea hae kapa esele sejelong ka Sabbatha, ho li noesa na? Athe morali enoa oa Abrahama, eo e seng e le lilemo tse leshome le metso e robeli, a tlamiloe ke satane e ne e se tšoanelo hore a lokolloe tlamong eo ka Sabbatha na?
Ha a nts’a bua joalo, bahanyetsi ba hae ba hlajoa ke lihlong, ‘me sechaba kaofela sa thabela tsohle tse tlotlehang tse neng li etsoa ke eena.
