Beke ea 29 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (8:1-11)
“Moea oa Ea tsositseng Jesu Kriste bafung o ahile ka ho lona.”
Bana b’eso! Ba phelang ho Jesu Kriste ha ba sa tla tsuoa; hobane molao oa Moea o mphelisang ho Jesu Kriste o ntopolotse molaong oa sebe le oa lefu. Efela seo Molao o neng o sitoa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Molimo o se entse ka ho romela Mora oa hae a inketse botho bo tšoanang le ba rona baetsalibe, ho tlosa sebe. Ka tsela ena o ahlotse sebe bothong, e le hore toka e batloang ke Molao e tle e phethahale ho rona ba sa pheleng ka botho feela, empa e le ka moea. Hobane ba phelang ka botho feela ba latela maikutlo a botho; athe ba nang le bophelo bo tsoang ho Moea ba thahasella tsa moea. Ho thahasella tsa botho ke lefu, athe ho thahasella tsa moea ke bophelo le khotso. Ea thahasellang tsa botho feela ke sera sa Molimo, etsoe ha a ipehe tlas’a molao oa Molimo; o bile o sitoa ho etsa joalo.
Ba phelang ka botho feela ba sitoa ho khahlisa Molimo. Ha e le lona, ha le phele ka botho feela, empa ka bophelo bo tsoang ho Moea; ha eba Moea oa Molimo o fela o ahile ka ho lona. Hobane ha motho a se na Moea oa Kriste, ha se oa hae.
Empa ha Kriste a le ka ho lona, leha ‘mele e le ntho e shoeleng ka baka la sebe, moea oona ke bophelo ho lona, hobane le entsoe ba lokileng. ‘Me ha Moea oa Ea tsositseng Jesu Kriste bafung o ahile ka ho lona, Ea tsositseng Jesu Kriste bafung o tla phelisa le ‘mele ea lona e shoang, ka Moea oa hae o phelang ka ho lona.
PESALEMA 23
O JOALO MOLOKO OA BA BATLANG HO HLAHA PEL’A HAU MORENA.
Lefatše ke la Morena le tsohle tse ho lona:
Lefatše le baahi bohle ba lona.
O n’a le thehe holim’a maoatle,
a le tiisa holim’a maliba.
O JOALO MOLOKO OA BA BATLANG HO HLAHA PEL’A HAU MORENA.
Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Morena,
ke mang ea ka emang qalong e halalelang ea hae?
Ke ea se nang mali matsohong,
ea pelo e hloekileng.
O JOALO MOLOKO OA BA BATLANG HO HLAHA PEL’A HAU MORENA.
Enoa ke eena ea tla fumana mahlohonolo ho Morena,
ea tla ahloleloa ke Molimo, mopholosi oa hae.
O joalo moloko oa ba mo batlang,
oa ba batlang ho hlaha pel’a hau,
uena Molimo oa Jakobo.
O JOALO MOLOKO OA BA BATLANG HO HLAHA PEL’A HAU MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (13:1-9)
“Ha le sa bake, le tla timela joalo kaofela.”
Ka nako eo, batho ba bang ba fihla, ba tsebisa Jesu tse hlahetseng Ba-Galilea bao Pilato a ileng a kopanya mali a bona le a mahlabelo a bona. Jesu a araba, a re ho bona: Na le hopola hore Ba-Galilea bao, ba ileng ba bolaoa ka tsela ena, e bile baetsalibe ho feta Ba-Galilea ba bang bohle? Kea le bolella ha ho joalo. Empa ha le sa bake, le tla timela joalo kaofela. Joaloka bale ba leshome le metso e robileng meno e ‘meli, bao tora e ileng ea ba oela holimo Siloe, ‘me ea ba bolaea, na le hopola hore ba bile le molato o moholo ho feta baahi bohle ba Jerusalema? Kea le bolella, ha ho joalo. Empa ha le sa bake, le tla timela kaofela ka mokhoa o tšoanang.
Joale a ba bolella papiso ena, a re: Motho e mong o n’a e-na le sefate sa feiga se lenngoeng tšimong ea hae ea morara. A tla ho batla litholoana ho sona, empa a li hloka. Eaba o re ho molemi oa morara: E se e le lilemo tse tharo ke ntse ke e-tla, ke batla litholoana sefateng sena sa feiga, ke sa li fumane. Se reme. Ke’ng ha se ja mobu feela? Empa molemi a araba, a re ho eena: Morena, ak’u se tlohele hape ka selemo sena, ke tle ke se lemele, ‘me ke se tšelle moiteli. E ka se tla beha litholoana isao. Ho seng joalo, u tl’u se reme.
