Bana ba Morena Peete e leng ntat’a Morena Moshoeshoe ka Mafumahali a hae; ‘Malibe le ‘Mamothuntšane ba re ba tšoenyehile ke pherekano e ntseng e jaloa kahar’a sechaba, mabapi le ho lata naha. Litaba tsena li hlaheletse ‘mokeng oa bo-ralitaba ka la 21 Mphalane monongoaha.
Morena Moorosi Moshoeshoe o bontšitse ha maikutlong ana a pherekano ho hlahella lintlha tse akhang hore Lesotho le fetohe karoloana ea Naha ea Afrika Boroa, ka sepheo sa ho felisa naha ena eo Morena Moshoeshoe le bahlabani ba hae ba e loanetseng ka thata, ho sireletsa boikemelo le boipuso ba eona.
Morena Moshoeshoe o supile hore ho lata naha ka tsela e bohlasoa le ka bohoanka ke ho nyelisa metheo ea khotso ea mothehi oa sechaba sena hobane Basotho ke baahi le hona libakeng tseo tse hapuoeng, ‘me mahlomela a marena a liboko tse ling ka ho fapakana e ntse e le marena a sechaba seo sa hae, hape le mabitso a libaka tse ngata e ntse e le a Sesotho.
O re ntlha-kemo ea bona e sa thekeseleng tabeng ena ke hore Basotho ba supile tsela ea ho atamela taba ena kahar’a tokomane ea tlhopho-bocha hore na naha e latoe joang, eseng ka lisuoa.
Ho feta mona, Morena Lephoto Taoana o hlalositse hore morerong oa bohlaba-phieo oa ho fetola Lesotho karoloana ea leshome ea Afrika Boroa, ho utloahala ho na le bapolotiki ba khahluoeng ke hona le ho butsoela lehloeo ho baahi ba Afrika Boroa khahlanong le Basotho ba phelang le ho sebetsa naheng eo. A re litlhoriso tse etsoang ho Basotho naheng ea boahelani li utloahala sepheo sa tsona e le ho hlokisa Basotho tšepo le lerato ho naha ea habo bona, e le hore merero ena e malimabe ea bona e tle e atlehe habonolo.
A re ha ba tla tabeng ea ho kopanngoa ha linaha tsena tse peli e le bana ba Morena Peete, ‘me ntlha-kemo ea bona ke hore ha ho kamoo ba ka fetohang ntho e le ’ngoe le Naha ea Afrika Boroa, “haholo ha re ipapisa le mabaka ao bapolotiki bana ba batlang kopanelo le boinehelo ho eona ba a tekang.”
Ha Morena Bereng Makotoko a bontšitse hore Lesotho ha le’a futsaneha kaha le ntse le e-na le matla a ho ikemela le ho phelisa bohle ba kahare le kantle ho lona.
