Beke ea 29 har’a selemo
Labone
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (6:19-23)
“Kajeno ha le se le lokolotsoe sebeng, le entsoe bahlanka ba Molimo.”
Bana b’eso! Ke bua ka mokhoa oa botho, ka baka la bofokoli ba lona ba nama. Kamoo le ileng la nehelana ka litho tsa lona ho sebeletsa litšila le bokhopo, ho ea ho ile, le teng kajeno le nehelane ka litho tsa lona ho sebeletsa toka boikhalaletsong.
Ha le ne le sa le makhoba a sebe, le ne le sa busoe ke toka. Empa ke efe tholoana eo le ileng la e fumana mehleng eo, linthong tseo le hlajoang ke lihlong kajeno ha le li hopola? Hoba qetello ea tsona ke lefu.
Athe kajeno, ha le se le lokolotsoe sebeng ‘me le entsoe bahlanka ba Molimo, le fumana tholoana e isang khalalelong, ‘me qetello ea eona ke bophelo bo sa feleng. Hobane moputso oa sebe ke lefu; athe neho ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ho Jesu Kriste Morena oa rona.
PESALEMA 1
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
Ho lehlohonolo motho
ea sa lateleng keletso ea ba khopo,
ea sa beheng le leoto tseleng ea baetsalibe,
ea sa luleng mokhatlong oa basomi;
empa e le ea khahloang ke molao oa Morena,
ea inahanang ka molao oo nyene le bosiu.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
O ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,
se behang litholoana ka nako ea teng,
seo mahlaku a sona a sa poneng;
mesebetsi eohle ea hae e’a atleha.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
Ha se ntho e tšoanang le ho ba khopo,
bona ba kang ‘moko o fefoloang ke moea;
hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng,
athe tsela ea ba khopo e’a timetsa.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:49-53)
“Ha kea tla ho tlisa khotso lefatšeng empa karohano.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ke tlile ho akhela mollo lefatšeng, ‘me takatso ea ka ke efe ha e se hore o tuke. Ke na le ho hlatsuoa, ‘me ke tšoenyeha hakakang ho fihlela tlhatsuo eo e be e phethahala.
Ana le hopola hore ke tlisitse khotso lefatšeng? Ke re ho lona: Che, empa karohano. Hobane, ho tloha nakong ena, ba bahlano ba ka tlung e le ‘ngoe ba tla arohana, ba bararo ba fapane le ba babeli, ba babeli, le ba bararo. Ba tla arohana: ntat’a motho le mor’a hae, le mora le ntat’ae; ‘m’a le morali, le morali le ‘m’ae; matsal’a motho le ngoetsi ea hae, le ngoetsi le matsal’a eona.
