Beke ea 29 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (4:20-25)
“Mantsoe a Mangolo a ngoletsoe le rona, ba tlang ho amoheleha ka baka la tumelo.”
Bana b’eso! Abrahama, ha a ka a thekesela, ‘me a belaela ka pallo ea Molimo; empa tumelo ea hae ea mo tlatsa ka matla ‘me a tlotlisa Molimo, ka ho tseba hantle hore, tsohle tseo Molimo a li baletseng, o na le matla a ho li phethahatsa. Ka baka leo Abrahama a amoheleha ho Molimo e le ea lokileng, ka baka la tumelo ea hae.
Mantsoe a Mangolo a reng: A amoheleha ka baka la tumelo ea hae, ha a ngolloa Abrahama feela, empa a ngoletsoe le rona, ba tlang ho amoheleha ka baka la tumelo, hobane re lumela ho ea tsositseng Jesu Morena oa rona bafung. O ile a neheloa lefung ka baka la libe tsa rona, a ba a tsosoa bafung hore rona re etsoe ba lokileng.
PESALEMA (Lk. 1:69-75. R. 68)
HO BOKOE MORENA, MOLIMO OA ISRAELE, HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
O re hlometse matla a pholoho
tlung ea Davida, mohlanka oa hae,
Joalokaha a n’a boletse ka molomo oa bahalaleli,
e leng baprofeta ba hae ba mehla ea khale.
HO BOKOE MORENA, MOLIMO OA ISRAELE, HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Ke pholoho ho rona lireng tsa rona,
liatleng tsa bohle ba re hloileng.
Ena ke ketso ea mohau ho bo-ntat’a rona,
ke khopotso ea selekane se halalelang sa hae.
HO BOKOE MORENA, MOLIMO OA ISRAELE, HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Ke kano eo a e hlapanyelitseng
Abrahama, ntat’a rona;
ea hore o tla re ntša liatleng tsa lira tsa rona.
HO BOKOE MORENA, MOLIMO OA ISRAELE, HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Ho bala Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:13-21)
“Tseo u li lokisitseng e tla ba tsa mang?”
Ka nako eo, motho e mong ea letšoeleng a re ho Jesu: Moruti, bolella ngoan’eso hore a arolelane lefa le ‘na. Empa eena a mo araba, a re: Monna, ke mang ea mpehileng moahloli kapa moaroleli holim’a lona na? Eaba o re ho bohle: Hlokomelang, le pheme bokhonatha bohle; hobane, leha motho a ka rua joang kapa joang, bophelo ha bo tsoe linthong tseo a nang le tsona.
A ba bolella papiso ena, a re: Tšimo ea motho e mong oa morui e ne e behile lijo tse ngata haholo. ‘Me o n’a inahana, a re: Ke tla etsa joang? Hobane ke hloka moo nka bolokelang lijo tsa ka teng. Joale a re: Ke tla etsa sena: Ke tla qhaqholla meliko ea ka, ke ahe e meholo ho feta; ‘me moo ke tla bokella tsohle tse ‘meletseng le maruo ohle a ka. Ke be ke re ho moea oa ka: Moea, u na le maruo a mangata a bokeletsoeng lilemo tse ngata-ngata; ak’u phomole joale, u je, u noe, u ithabele!
Empa Molimo a re ho eena: Sethoto! Ka bosiu bona bona ho tla latoa moea ua hau. Joale tseo u li lokisitseng e tla ba tsa mang na? O joalo ea ipokellelang matlotlo, empa eo e seng morui mahlong a Molimo.
