Vinkmag ad

La 17 Mphalane 2025

Sehopotso sa Ignatius ea Halalelang oa Antiokia, Mobishopo le Moshoela-Tumelo.

Beke ea 28 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filipi. (3:17-4:1)

“Kriste o tla etsa hore ‘mele oa rona o tšoane le oa hae o tlotlisitsoeng.”

[Bana beso! Bohle le be baetsisi ba ka, ‘me le talime ba tsamaeang ka ho latela mohlala oo re le behetseng oona. Hobane ba bangata, bao ke seng ke buile ka bona hangata, le hona joale ke sa ba bolela hape ka meokho, ba tsamaea e le lira tsa sefapano sa Kriste. Qetello ea bona, e tla ba timelo: molimo oa bona ke mpa ea bona ‘me ba ithorisa ka tse lihlong tsa bona; ba hopola tsa lefatše feela.]

Ha e le rona, lehae la rona le leholimong; re lebeletse, ka takatso e kholo, hore Morena Jesu Kriste o tla hlaha teng e le mopholosi oa rona. O tla fetola ‘mele ea rona e nyelisehang, a e etse e tšoanang le ‘mele oa hae o tlotlisitsoeng, ka matla ao a nang le ‘ona a ho beha tsohle ka tlas’a hae.

Ka baka leo, bana b’eso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsoeng haholo, lona thabo ea ka le mofapahloho oa ka, tieang joalo Moreneng, baratuoa.

PESALEMA 125

BA JETSENG KA MEOKHO BA KOTULA KA LITLATSE.

Ha Morena a khutlisa ba Sione kholehong,

e n’e ke rea lora.

Melomong ea rona ha utloahala litšeho,

le lelemeng la rona mehoo ea nyakallo.

BA JETSENG KA MEOKHO BA KOTULA KA LITLATSE.

Ke moo har’a lichaba ho ileng ha thoe:

“Morena o ba etselitse tse kholo.”

Ruri Morena o re etselitse tse kholo,

ebile re li thabetse.

BA JETSENG KA MEOKHO BA KOTULA KA LITLATSE.

Morena, ak’u khutlise ba habo rona kholehong,

joaloka linoka tse phallang tsa Boroa.

Ba jetseng ka meokho

ba kotula ka litlatse.

BA JETSENG KA MEOKHO BA KOTULA KA LITLATSE.

Ba ea ba lla,

ba jere peo tsa bona.

Ba nt’o khutla ka litlatse,

ba jere ngatana tsa bona.

BA JETSENG KA MEOKHO BA KOTULA KA LITLATSE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (12:24-26)

“Ha tlhaku ea koro e ka shoa, e tla beha haholo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ka ‘nete-nete, ke re ho lona: ha tlhaku ea koro e oetseng mobung e sa shoe, e tla itšalla e le joalo; athe ha e ka shoa, e tla beha haholo. Ea ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela; ‘me ea hloeang bophelo ba hae lefatšeng lena, o bo bolokela bophelo bo sa feleng.

Ea batlang ho ntšebeletsa, a ntatele: ‘me moo ke leng teng, le eena mosebeletsi oa ka o tla ba hona teng. Ha e mong a ka ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlonepha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Mphalane 2025

Read Next

Kentelo ea ‘maselese le rubella

Most Popular