Vinkmag ad

La 15 Mphalane 2025

Sehopotso sa Theresia ea Halalelang oa Avila, Movirigo.

Beke ea 28 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (2:1-11)

“O tla buseletsa e mong le e mong ka ho ea ka mesebetsi ea hae; ho qala ka Mojodi ho isa ho Mogereke.”

U hloka boitatolo, uena motho, leha u ka ba mang kapa mang, ea ahlolang ba bang. Hobane ka seo u ahlolang ba bang ka sona, u ikahlola e le uena, kaha uena ea ahlolang u etsa tse tšoanang, ‘me re tseba hore kahlolo ea Molimo ho ba etsang tse joalo ke ea ‘nete.

Uena motho ea ahlolang ba etsang tse joalo empa u nts’u li etsa, ana u hopola hore u tla phonyohela kahlolo ea Molimo? Na u nyelisa menono ea molemo oa hae, ea boiphapanyo le ea mamello ea hae? Ha u tsebe hore molemo oa Molimo o u hulela pakong na?

Empa, ka baka la bothata ba hau le pelo ea hau e sa bakeng, u ipokellela khalefo letsatsing la khalefo, la mohla ho iponahatsang kahlolo e lokileng ea Molimo, ea tlang ho buseletsa e mong le e mong ka ho ea ka mesebetsi ea hae.

Ba batlang letlotlo, hlompho le ho se shoe, ka ho phehella mesebetsing e metle, Molimo o tla ba fa bophelo bo sa feleng. Athe ba ikhantšang ba sa kholoeng ‘nete, ba mpa ba lumela ho sa lokang, kabelo ea bona e tla ba bohale le khalefo.

Motho ofe kapa ofe ea etsang bobe o tla fumana matšoenyeho le litlokotsi: ho qala ka Mojodi ho isa ho Mogereke. Empa mang kapa mang ea etsang botle, eena o tla fumana tlotliso, tlhompho le khotso: ho qala ka Mojodi ho isa ho Mogereke. Hobane Molimo ha a ee ka tšobotsi.

PESALEMA 61

MORENA BUSELETSA E MONG LE E MONG HO EA KA MOSEBETSI OA HAE.

Ke ho Molimo feela ke fumanang phomolo,

pholoho ea ka e tsoa ho eena.

Ke eena feela lefika la ka le pholoho ea ka;

ke qhobosheane ea ka: nke ke ka thekesela.

MORENA BUSELETSA E MONG LE E MONG HO EA KA MOSEBETSI OA HAE.

Moea oa ka, ipatlele phomolo ho Molimo feela,

hobane tšepo ea ka e tsoa ho eena.

Ke eena feela lefika la ka le pholoho ea ka;

ke qhobosheane ea ka: nke ke ka thekesela.

MORENA BUSELETSA E MONG LE E MONG HO EA KA MOSEBETSI OA HAE.

Lona sechaba, le tšabele ho eena,

le mo tšepe ka nako tsohle;

le mo phetlele lipelo tsa lona:

Molimo ke setšabelo sa rona.

MORENA BUSELETSA E MONG LE E MONG HO EA KA MOSEBETSI OA HAE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:42-46)

“Ho malimabe lona Bafarisi; ho malimabe le lona baruti ba Molao.”

Ka nako eo, Jesu a re: Ho malimabe lona Bafarisi, hobane le ntša karolo ea leshome ea koena le ea serue le ea meroho eohle, empa ha le tsotelle toka le lerato la Molimo. Le ne le tšoanela ho etsa tsena, le sa tlohele tseno.

Ho malimabe lona Bafarisi, hobane le habile litulo tse kapele matlung a thapelo le litumeliso mapatlelong! Ho malimabe lona Bafarisi, hobane le joaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamaeang holim’a ‘ona, ba sa tsebe.

Eaba e mong oa baruti ba Molao oa mo fetola, a re: Moruti, ka ho bua joalo u nyefola le rona. Jesu a re: Ho malimabe le lona baruti ba Molao, hobane le jarisa batho meroalo eo ba sitoang ho e jara; athe lona ha le e ame le ka monoana oa lona!

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Mphalane 2025

Read Next

La 16 Mphalane 2025

Most Popular