Vinkmag ad

La 14 Mphalane 2025

Beke ea 28 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (1:16-25)

“Eitse ha batho ba tsebile Molimo, ha ba ka ba mo tlotlisa.”

Bana beso! Ha ke lihlong ka Evangeli, hobane eona ke matla a Molimo, a isang pholohong mang le mang ea lumelang, ho qala ka Mojodi ho isa ho Mogereke. Etsoe ho eona toka ea Molimo e senoloa ke tumelo ‘me e isa tumelong, joalokaha ho ngotsoe, ho thoe: Ea lokileng o tla phela ka tumelo.

Efela khalefo ea Molimo e bonahatsoa, e e-tsoa leholimong, ho loantša bokhopo bohle le ho se loke ha batho ba thibellang ‘nete ea Molimo bokhopong; hobane se ka tsejoang sa Molimo se bonahala ho bona, kaha Molimo ka sebele a ba bontšitse sona.

Efela ha e sa le lefatše le bopiloe, tse sa bonoeng tsa Molimo ke hore matla a hae a sa feleng le Bomolimo ba hae, li’a bonahala ‘me li tsejoa ka tse entsoeng ke eena.

Ka hoo batho bao ba hloka boitatolo; hobane eitse ha ba tsebile Molimo, ha ba ka ba mo tlotlisa, leha e le ho mo leboha, joalokaha e le Molimo; empa ba ile ba lahleha mehopolong ea bona ‘me pelo tsa bona tse hlokang kutloisiso tsa e-ba lefifing.

Joale ha ba ne ba re ba bohlale, ba fetohile mahlanya, ‘me ba fetoletse letlotlo la Molimo ea sa shoeng ho tšoaneng le setšoantšo sa motho ea shoang, le sa linonyana, sa liphoofolo kapa sa lihahabi.

Ka baka leo Molimo o ba nehetse litakatsong tsa pelo tsa bona le litšileng, ba tle ba tlotlollane ‘meleng ea bona; e le ba fetoletseng ‘nete ea Molimo leshanong, ba ileng ba khumamela ‘me ba sebeletsa lintho tse bopiloeng, ho e-na le ‘Mopi ea lokelang ho bokoa kamehla.

Pesalema 18

MAHOLIMO A PHATLALATSA LETLOTLO LA MOLIMO.

Maholimo a bolela letlotlo la Molimo,

‘me sebaka sa maholimo se phatlalatsa

mosebetsi oạ liatla tsa hae.

Matsatsi a joetsana taba eo,

masiu a neheletsana tsebo eo.

MAHOLIMO A PHATLALATSA LETLOTLO LA MOLIMO.

Ntle le puo, ntle le lipolelo,

ntle le molumo oa lentsoe.

Empa seo li se bolelang

se phatlalla le lefatše lohle,

molaetsa oa tsona o finyella

le pheletsong tsa lefatše.

MAHOLIMO A PHATLALATSA LETLOTLO LA MOLIMO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:37-41)

“Ha le ka fana ka lintho tsa lona ho mafutsana, tsohle li tla hloeka ho lona.”

Ka nako eo, ha Jesu a nts’a bua, Mofarisi e mong a mo kopa hore a tle ho ja ha hae. A ea, ‘me a lula lijong. Mofarisi eo a makala ha a bona hore Jesu ha a itihatsoa pele a e-ja.

Morena a re ho eena: E, lona Bafarisi, le hlatsoa senoelo le mokeke kantle, empa ha e le ka hare ho lona ho tletse bosholu le bokhopo. Lithoto ting! Ana ea entseng ho leng kantle ha a ka a etsa le ho leng kahare? Empa ha le ka fana ka lintho tsa lona ho mafutsana, tsohle li tla hloeka ho lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Mphalane 2025

Read Next

La 15 Mphalane 2025

Most Popular