Sehopotso sa Jerome ea Halalelang, Moprista le Moruti oa Kereke.
Labobeli
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Timothi. (3:14-17)
“Mangolo ‘ohle a bululetsoeng ke Moea oa Molimo a na le molemo oa ho ruta.”
Moratuoa! Khoramela tseo u li rutiloeng, tseo u li amohetseng ka ho tseba na ea u rutileng tsona ke mang; hobane ho tloha bonyenyaneng ba hau u tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho u hlalefisa le ho u isa pholohong, ka tumelo ho Kriste Jesu.
Mangolo ‘ohle a bululetsoeng ke Moea oa Molimo a na le molemo oa ho ruta, ho nyatsa, ho lokisa liphoso le ho tataisa tseleng ea ho loka, e le hore motho oa Molimo a phethehe, a be a hlalefele mesebetsi eohle e molemo.
PESALEMA 86
MOLIMO O NA LE RONA.
Morena o thehile Sione thabeng e halalelang,
o rata ikhoro tsa eona
ho feta metlotloane eohle ea Jakobo.
Tse tlotlehang li boleloa ka uena,
motse oa Molimo.
MOLIMO O NA LE RONA.
Har’a ba ntsebang, ke tla bala Egepeta le Babilone;
Filistia, Tire le Ethiopia,
ke moo ba bang ba tsoaletsoeng teng.
Athe ka Sione ho tla thoe: “Ke ‘m’a rona;
hobane batho bohle ba tsoaletsoe ho eona
‘me Ea holimo-limo oa e tiisa.
MOLIMO O NA LE RONA.
Ha Morena a bala lichaba, o ngola tjena:
Enoa o tsoaletsoe ho eona.”
Ba binang le ba hobelang ba tla re:
“Mothapo oa rona o ho uena feela.”
MOLIMO O NA LE RONA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9:51-56)
“Ho ne ho totobetse hore o leba Jerusalema.”
Ha matsatsi a ho nyoloha ha Jesu lefatšeng a se a tla phethahala, Jesu a leba Jerusalema ntle ho tika-tiko. A romela maqosa ho mo etella pele; ‘ona a ea a kena motseng o mong oa Ba-Samaria ho ea mo lokisetsa. Empa bona ha ba ka ba mo amohela, hobane ho ne ho totobetse hore o leba Jerusalema.
Eitse ha barutuoa ba hae Jakobo le Joannes ba bona hoo, ba re: Morena, na u ka rata hore re bitse mollo oa leholimo hore o theohe ‘me o ba felise? Jesu a reteleha, ‘me a ba khalemela. Joale ba ea motsaneng o mong.
