Vinkmag ad

La 29 Loetse 2025

MOKETE OA GABRIEL LE RAFAEL BA HALALELANG, BAAREKANYELOI.

Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Tšenolo. (12:7-12)

“Mikaele le manyeloi a hae a futuhela Drakone.”

Ntoa e kholo ea qhoma leholimong: Mikaele le manyeloi a hae a futuhela Drakone, Drakone le manyeloi a eona ea loana; empa ea hloloa, ‘me ea tebeloa leholimong ea liheloa lefatšeng, le manyeloi a eona a liheloa le eona. ‘Me ka utloa leholimong lentšoe le phefa le buang, le re: Joale tlholo, le matla, le borena ke tsa Molimo oa rona, le puso ke ea Kriste oa hae, hobane moqosi, oa bana babo rona o lihetsoe, ea neng a ba qosa nyene le bosiu pel’a Molimo oa rona.

Le bona ba mo hlotse ka mali a Konyana, le ka ‘nete eo ba e pakileng. Ha ba ka ba qenehela bophelo ba bona, empa ba inehela lefu. Ithabeleng ke hona, lona maholimo, le lona ba ahileng ho ‘ona.

Pesalema 137

MORENA, KE U ROKA KA LIFELA PEL’A MANYELOI.

Morena, ke u boka ka pelo ea ka eohle,

ke u roka ka lifela pel’a manyeloi.

Ke itihela fatše kapel’a tempele e halalelang ea hau,

‘me ke boka lebitso la hau,

ka baka la mohau oa hau le ‘nete ea hau;

MORENA, KE U ROKA KA LIFELA PEL’A MANGELOI.

Hobane o phahamiselitse lebitso la hau,

ka holim’a tsohle.

U n’u nkarabe ha ke hoeletsa ho uena,

ua fa pelo ea ka matla a macha.

MORENA, KE U ROKA KA LIFELA PEL’A MANGELOI.

Likhosi tsohle tsa lefatše li tla u boka, Morena,

ha li utloa lipolelo tsa molomo ua hau.

Li tla roka litsela tsa Morena, li re:

“Letlotlo la Morena le leholo.”

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (1:47-51)

“Le tla bona manyeloi a Molimo a theoha leholimong a oka-okela Mor’a motho.”

Jesu a bona Nathanael a e-tla ho eena, eaba o bua ka eena, o re: A le ke le boneng Mo-Israele ea se nang mano. Nathanael a re ho Jesu: U ntsebella kae? Jesu a mo fetola, a re: Pele Filipi a u hoeletsa u le tlas’a sefate sa feiga, ke ne se ke u bone. Nathanael a mo fetola, a re: Morena, u Mor’a Molimo, u Morena oa lsraele. Jesu a araba, a re: hobane ke itse ke u bone tlas’a sefate sa feiga ua lumela: u sa ntse u tla bona tse kholo.

Eaba o re ho eena: Amen, amen, ke re ho lona, le tla bona leholimo le butsoe ‘me manyeloi a Molimo a theoha ho lona a oka-okela Mor’a motho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Loetse 2025

Read Next

La 30 Loetse 2025

Most Popular