Vinkmag ad

La 23 Loetse 2025

Sehopotso sa Pius oa Pietrelcina ea Halalelang, Moprista.

Beke ea 25 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Ezra. (6:7-8.12.14-20)

“Ba ba ba qeta ho aha Ntlo ea Molimo, ba ketekela Paseka.”

Matsatsing ao, Khosi Darius a ngolla marena a busang naha e ka mose ho noka, a re: Leselang mosebetsi oa Ntlo eo ea Molimo o tsoele pele. ‘Musi oa ba-Juda le baholo ba ba-Juda ba ke ba ahe bocha Ntlo eo ea Molimo setšeng sa eona.

Mabapi le seo le tla se etsa ‘moho le baholo bao ba ba-Juda ho aha bocha Ntlo eo ea Molimo, taelo ea ka ke ena: Litšenyehelo tsa batho bao li lefshoe ka ho tlala ka lichelete tsa khosi tsa khafa e tsoang mose oane ho Noka, ho tle ho se be tieho ea letho.

Molimo ea ratileng hore lebitso la hae le ahe teng, a ripitle khosi efe kapa efe le sechaba sefe kapa sefe, se ka ikemisetsang ho tlola taelo ena ka ho senya ntlo eo ea Molimo e Jerusalema. Ke ‘na Dariuse, ea ntšitseng taelo ena. E ke e phethoe kamoo e leng kateng.

Baholo ba ba-Juda ba tsoela pele ho aha, ho se bothata ba letho, ka ho ea ka khothaletso ea moprofeta Haggai le Zakaria, mor’a Iddo. Ba fela ba aha, ba ba ba qeta, ka ho ea ka taelo ea Molimo oa Israele, le taelo ea Siruse, le Dariuse, le Artaxerxese, khosi ea Persia.

Tempele eo ea qetoa ka tsatsi la boraro khoeling ea Adare, ka selemo sa botšelela sa puso ea khosi Dariuse. Eaba bana ba Israele, baprista, ba-Levi, le ba bang bohle ba khutlileng kholehong, ba khakola Ntlo eo ea Molimo ka thabo.

Khakolong ea Ntlo eo ea Molimo, ba nyehela lipoho tse lekholo, lipheleu tse makholo a mabeli le ikonyana tse makholo a mane. Hape ba nyehela liphooko tse leshome le metso e ‘meli e le sehlabelo sa sebe sa Israele kaofela, ho ea ka palo ea meloko ea Israele.

Joale ba beha baprista ho ea ka lihlopha tsa bona, le ba-Levi ho latela likarolo tsa bona, bakeng la tšebeletso ea Molimo Jerusalema, joalokaha ho ngotsoe bukeng ea Moshe. Hape, ba khutlileng kholehong ba ketekela Paseka ka la leshome le metso e mene khoeling ea pele. Baprista le ba-Levi bohle ba ne ba itlhoekisitse ka ho tšoana: ba ne ba hloekile kaofela. Paseka eo ba itlhabela eona, ba e hlabela le bohle ba khutlileng kholehong le baprista babo bona.

 PESALEMA 121

KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.

Ke ile ka thaba ha ho thoe ho ‘na:

“A re eeng Tlung ea Morena.”

Joale maoto a rona a se a hatile

likhorong tsa hau, uena Jerusalema.

KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.

Jerusalema e ahiloe e le motse

oo tsohle tsa oona li matahaneng hamonate,

Meloko eohle, e leng meloko ea Morena,

e nyolohela teng họ boka Morena

ho ea kamoo Israele a laetsoeng kateng.

KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.

Ke moo ho behiloeng litulo tsa kahlolo,

litulo tsa ntlo ea Davida.

Kopelang Jerusalema khotso, le re:

“Ba u ratang ba ke ba pholohe.”

KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (8:19-21)

“’Me le bana b’eso ke ba utloang lentsoe la Molimo ‘me ba le phetha.”

Ka nako eo, ‘M’a Jesu le bana babo ba tla ho eena, ‘me ba sitoa ho fihla ho eena ka baka la bongata ba batho. Jesu a bolelloa, ha thoe ho eena: ‘Mao le bana beno ba eme kantle ‘me ba lakatsa ho u bona. A araba, a re ho bona: ‘M’e le bana beso ke ba utloang lentsoe la Molimo ‘me ba le phetha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Loetse 2025

Read Next

La 24 Loetse 2025

Most Popular