Laboraro
Beke ea 24 har’a selemo
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Timothi. (3:14-16)
“Ruri, e kholo misteri ea tumelo!”
Moratuoa! Ke u ngolla tsena ke ntse ke tšepile hore ke tla u etela haufi. Empa ha nka tšoha ke lieha, u ‘n’u tsebe mokhoa oo u tšoanetseng ho etsa ka oona tlung ea Molimo e leng Kereke ea Molimo ea phelang, tšiea le motheho oa ‘nete. Ruri, ha ho ea ka hanyetsang, e kholo misteri ea tumelo! Kriste o iponahalitse e le motho, a pakoa ke Moea, a bonoa ke manyeloi. Lichaba li rutile tsa hae, lefatše la lumela ho eena, a phahamisetsoa letlotlong.
PESALEMA 110
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
Ke boka Morena ka pelo ea ka eohle,
sebokeng sa ba lokileng
le moo ho phutheheloang teng.
E meholo mesebetsi ea Morena,
e thahaselloa ke bohle ba khahloang ke eona.
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
Mesebetsi ea hae ke bokhabane le letlotlo.
toka ea hae e hlola kamehla,
O entse hore tse tsotehang tsa hae li hopoloe,
Morena o lereko ‘me o mosa.
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
O file ba mo tšabang lijo,
o hopola selekane sa hae ka bosafeleng
O bonahalitse matla a mesebetsi ea hae
ho sechaba sa hae,
ka ho se neha lefa la lichaba.
E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (7:31-35)
“Re ile ra le letsetsa makolilo, empa ha lea ka la etsa chao: ra le binela koli-ea-malla, empa ha lea ka la lla.”
Ka nako e Jesa a re: Ke tla tšoantša batho ba moloko ona le mang na? Ba tšoana le bo-mang na? Ba tšoana le bana ba lutseng lepatlelong, ba hoeletsa ba bang, ba re: Re ile ra le letsetsa makolilo, empa ha lea ka la etsa chao; ra le binela koli-ea-malla, empa ha lea ka lla. Joannes Mohlatsoi o tlile a sa je bohobe, a sa noe veine, ‘me la re: O na le modemone. Mor’a motho eena o tile a e-ja, a e-noa, ‘me la re: Motho enoa ke monyollo le senoi sa veine, motsoalle oa bakhafisi le oa baetsalibe. Empa bohlale ba Molimo bo pakoa ke bana bohle ba bona.
