Vinkmag ad

La 12 Loetse 2025

Labohlano

Beke ea 23 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Timothi (1:1-2.12-14)

“Pele, ke bile monyefoli, empa ka hauheloa ke Molimo, a ba a nkenya tšebeletsong ea hae.”

Paulosi, moapostola oa Jesu Kriste ka taelo ea Molimo Mopholosi oa rona, le ea Jesu Kriste tšepo ea rona, ho Timothi, mora oa ka oa sebele tumelong. U ke u etsetsoe mohau le lereko, u abeloe le khotso ke Molimo Ntate le ke Kriste Jesu Morena oa rona!

Ke leboha eena ea ‘matlafalitseng, Kriste Jesu Morena oa rona, ea mphumaneng ke le ea tšepahalang, a ba a nkenya tšebeletsong ea hae, ‘na eo, pele, ke bileng monyefoli le mohlorisi le monyelisi. Empa ka hauheloa ke Molimo, hobane ke ne ke entse tsena ka ho se tsebe, ke e-s’o lumele. ‘Me Morena oa rona a nketsetsa mohau ka mokhoa o makatsang ‘me a ‘neha le tumelo le lerato leo e leng la rona ho Kriste Jesu.

PESALEMA 15

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

 Ak’u mpaballe, oho Molimo,

hobane ke tšabela ho uena.

Ke itse ho Morena: “Ke uena Moren’a ka.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.”

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena kamehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho eena,

le nyakallo e sa feleng,

e fuoang ba lulang pel’a hau.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (6:39-42)

“Ana sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na?”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena, a re: Ana sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na? Na ha li tl’o oela tse peli sekoting? Morutuoa ha a ka holimo ho moruti oa hae; empa morutuoa ka mong e tla ba o phethehile ha a le joaloka moruti oa hae. Ho ea ka’ng hore u bone pepa e ka leihlong la ngoan’eno, athe ha u lemohe seqoko se ka leihlong la hau na? U ka bolela joang ho ngoan’eno, ua re: Ngoan’eso, e-re ke ntše pepa e ka leihlong la hau, ha uena u sa bone seqoko se ka leihlong la hau? Moikaketsi, qala ka ho ntša seqoko se ka leihlong la hau, ‘me ke moo u tla bona hantle ho ntša pepa leihlong la ngoan’eno.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Loetse 2025

Read Next

Ba lifeme ba ikisa ho TK

Most Popular