Vinkmag ad

La 11 Loetse 2025

Labone

Beke ea 23 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (3:12-17)

“E-bang le lerato, leo makhabane ‘ohle a tlamahanngoang ka lona.”

Bana beso! Ka ha le le bakhethuoa ba Molimo, bahalaleli ba hae le baratuoa ba hae, le be le maikutlo a mohau, a mosa, a boikokobetso, a boitlhompho le a mamello. Le iphapanyetsane ‘me le tšoarelane, ha eba e mong a e-na le hoo a ho nyatsang ho e mong. Joalokaha Morena a le tšoaretse, le lona le etse joalo.

Ho feta tsohle, e-bang le lerato, leo makhabane ‘ohle a tlamahanngoang ka lona, ‘me phetheho e boptjoang ka lona. Khotso ea Kriste e ke e buse ka lipelong tsa lona; ke eo le bilelitsoeng ho eona, le litho tsa ‘Mele o le mong. Hape le be le teboho.

Lentsoe la Kriste le ahe ka ho lona, ka menono eohle ea lona. Rutanang le khothatsane ka bohlale bohle. Ka lipelo tsohle tsa lona, binelang Morena teboho ea lona ka lipesalema, ka lipina le ka lifela tseo le li bululetsoeng ke Moea. Eng kapa eng eo le e buang kapa le e etsang, le e etse ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Molimo Ntate ka eena.

PESALEMA 150

TSOHLE TSE PHEFUMOLOHANG LI KE LI RORISE MORENA.

Rorisang Morena ka sehalalelong sa hae,

mo roriseng leholimong la matla a hae.

Mo roriseng ka baka la liketso tse matla tsa hae,

mo roriseng ka baka la boholo ba hae

bo ke keng ba lekanngoa.

TSOHLE TSE PHEFUMOLOHANG LI KE LI RORISE MORENA.

Mo roriseng ka molumo oa terompeta,

mo roriseng ka harepa le cithara,

mo roriseng ka moropa le mehobelo,

mo roriseng ka seletsa se likhoele le ka phala,

TSOHLE TSE PHEFUMOLOHANG LI KE LI RORISE MORENA.

mo roriseng ka cimbala e khabolang,

mo roriseng ka cimbala e molumo.

Tsohle tse phefumolohang

li ke li rorise Morena.

TSOHLE TSE PHEFUMOLOHANG LI KE LI RORISE MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (6:27-38)

“E-bang mohau, joalokaha Ntat’a lona a le mohau.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Kea le bolella, lona ba nkutloang, ke re: Ratang lira tsa lona, etsetsang ba le hloileng molemo, hlohonolofatsang ba le rohakang, ‘me le rapelle ba le etselletsang. Ea u jabelang lerameng, u mo nehe le leng; ‘me ea u amohang kobo ea hau, u se ke ua mo hanela ho nka le seaparo. Fa mang kapa mang ea kopang ho uena; ‘me ea inkelang seo e leng sa hau, u se ke ua boela ua ‘motsa sona.

Kamoo le ratang hore batho ba le etse, le lona le ba etse joalo. Ha le rata ba le ratang, le ka tšoaneloa ke teboho efe? Le bona baetsalibe ba rata ba ba ratang. ‘Me ha le etsa hantle ho ba le etsang hantle, le ka tšoaneloa ke teboho efe? Le bona baetsalibe ba etsa joalo. ‘Me ha le alima bao le tšepang hore ba tla le buseletsa, le ka tšoaneloa ke teboho efe? Le bona baetsalibe ba alima baetsalibe, hore ba tle ba buseletsoe hakalo.

Empa lona, ratang lira tsa lona, etsang molemo, le alimane le sa lebelle letho. Moputso oa lona o tla ba moholo, ‘me le tla ba bana ba Ea holimo-limo; hobane eena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba khopo. E-bang mohau, joalokaha Ntat’a lona a le mohau. Le se ke la ahlola, le lona ha le tl’o ahloloa; le se ke la tsoa ba bang, le lona ha le tl’o tsuoa.

Tšoarelang, le lona le tla tšoareloa. Fanang ‘me le tla fuoa: le tla tšelloa kobong ea lona tekanyo e ntle, e katiloeng, e hlohliloeng, e tletseng thabana. Hobane ka tekanyo eo le lekanyelitseng ba bang ka eona, le lona le tlạ lekanyetsoa ka eona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Loetse 2025

Read Next

La 12 Loetse 2025

Most Popular