Vinkmag ad

La 1 Loetse 2025

‘Mantaha

Beke ea 22 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (4:12-17)

“Ba ithobaletseng ho Jesu, Molimo o tla ba tsosa le eena.”

Bana beso! Ha re rate ha le ka hloka tsebo mabapi le ba ithobaletseng, hore le tle le se ke la soaba joaloka ba bang ba se nang tšepo. Re lumela hore Jesu o ile a shoa, a ba a tsoha bafung; le teng re lumele hore ba ithobaletseng ho Jesu, Molimo o tla ba tsosa le eena.

Ke le bolella sena e le lentsoe la Morena: Rona ba tlang ho phela mohla Morena a khutlang, re ke ke ra etella ba ithobaletseng pele.

Hobane ha ho hlaha taelo ka lentsoe la moarekanyeloi le ka phala ea Molimo, Morena ka sebele o tla theoha leholimong, ‘me ba shoetseng ho Kriste ba tla tsoha pele.

Kamorao, rona ba phelang, ba setseng, re tla nkeloa hammoho le bona marung, ho ea khahlametsa Kriste sebakeng; ‘me joale re tla ba le Morena kamehla. Ka baka leo, le ke le tšelisane ka lipolelo tseo.

PESALEMA 95

MORENA O TLIL’O AHLOLA LEFATŠE.

Binelang Morena sefela se secha,

binelang Morena, lona mafatše ‘ohle.

Le bolele letlotlo la hae har’a lichaba,

le mesebetsi e tsotehang ea hae har’a merabe eohle.

MORENA O TLIL’O AHLOLA LEFATŠE.

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso e kholohali,

o tšabeha ho feta melimo eohle:

etsoe melimo eohle ea lichaba ke mafeela-feelane,

athe Morena ke eena ea entseng maholimo.

MORENA O TLIL’O AHLOLA LEFATŠE.

O ahlola lichaba ho se leeme.

Maholimo a ke a thabe, le lefatše le nyakalle,

leoatle le ke le rore

‘moho le tsohle tse ka ho lona.

Masimo a ke a nyakalle, le tsohle tse ho ‘ona.

MORENA O TLIL’O AHLOLA LEFATŠE.

Lifate tsohle tsa meru li etse litlatse tsa thabo,

pel’a Morena, hobane oa tla,

o tlil’o ahlola lefatše.

A ke a ahlole lefatše ka toka,

le lichaba ka ‘nete ea hae.

MORENA O TLIL’O AHLOLA LEFATŠE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (4:16-30)

“O nthometse ho tlisetsa bafumanehi litaba tse monate. Ha ho moprofeta ea amoheloang ha habo.”

Ka nako eo, Jesu a tla Nazaretha, moo a holetseng teng; a kena tlung ea thapelo ka letsatsi la Sabbatha, kamoo a neng a tloaetse kateng, eaba oa ema o il’o bala. Ba mo neha buka ea moprofeta Isaia. H’a e phetla,a fumana moo ho ngotsoeng, ho thoe:

Moea oa Morena o ka ho ‘na hobane o ntlotsitse. O nthometse ho tlisetsa bafumanehi litaba tse monate, ho tsebisa ba kholehong hore ba lokolotsoe, le lifofu hore li tla bona, ho lopolla ba hateletsoeng le ho phatlalatsa selemo sa mohau oa Morena.

Eare hoba a koale buka, a e busetsa ho mohlanka, ‘me a lula fatše. Bohle ba ka tlung ea thapelo ba ne ba lebisitse mahlo ho eena. A qala ho bua le bona, a re: Kajeno polelo ena ea Mangolo eo le tsoa e utloa, e phethahetse.

Bohle ba ne ba mo pakela, ba makalla lipolelo tse monate tse tsoang molomong oa hae, ba re: Ana eo ha se mor’a Josefa? A re ho bona: Ha ho pelaelo, le tla mpolella maele a reng; Ngaka, iphekole. Re utloile tse ngata tseo u li entseng Kafarnauma; li etse le mona, ha heno. A ba a re; Ruri kea le bolella, ha ho moprofeta ea amoheloang ha habo.

Kannete kea le bolella, basali ba bahlolohali ba ne ba le bangata Israeleng, mehleng ea Elia, ha leholimo le ne le koetsoe ka lilemo tse tharo le khoeli tse tšeletseng ‘me lefatše lohle le aparetsoe ke tlala ea seoa. Athe Elia ha a ka a rongoa le ho ea mong oa bona, ha e se ho mohlolohali oa Sarepta, naheng ea Sidone. Le teng, balepera ba ne ba le bangata Israeleng, mehleng ea moprofeta Elisha, empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a folisoa, ha e se Naamane, Mosiria.

Ha ba utloa tsena, bohle ba ka tlung ea thapelo ba tlokoma ke khalefo. Ba ema, ba mo kharameletsa ka ntle ho motse, ‘me ba mo isa lintšing tsa selomo sa thaba, eo motse oa bona o neng o ahiloe holim’a eona, ho mo lihela. Empa eena a iphetela har’a bona, a ikela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Phato 2025

Read Next

Ba holisa bacha

Most Popular