Lekala la Lipalangoang ka Lefapha la Sephethe-phethe le tšoaretse bahoebi ba likoloi tsa baeti le sechaba sa tikolohong e bohareng ‘moka e le ho nonya sechaba le ho utloa maikutlo a sona mabapi le tšebetso ka likoloi libakeng tse itseng. ‘Moka ona o bile ka la 25 Phato monongoaha.
Mookameli Lefapheng la Sephethe-phethe Dr. Khothatso Tšooana o re ho bohlokoa ho kenyeletsa maikutlo a sechaba litabeng tsa kabo ea mangolo a ba lumellang ho nka baeti, hobane tokomane e joalo e boptjoa ka maikutlo le tlhoko ea sechaba.
O re ‘moka ona o bohlokoa hobane pele boto e aba lipolomiti molao o e tlama ho bitsa bohle ba entseng likopo le sechaba ho mamela pontšeng ebe e hlahloba maikutlo e tle e tsebe ho abela ba ileng ba etsa likopo. O re seo ba se etsang ke molao ‘me ba tlameha ho sebetsa ka ona nako eohle eseng ho hong.
Thabang Maloka e mong oa bahoebi ba likoloi tsa baeti Semonkong, o bontšitse a utloile hore ho na le batho ba tl’o abeloa mangolo a ho sebetsa sebakeng sa habo, ka hoo o tšoenyehile hobane ha ba sa sebetsa hantle kaha ba na le ho qeta beke ho se baeti, kaha ho bonahala batho ba se ba sa nke maeto.
O re ho matlafatsa tšebetso ea bona ea kamehla ba tlameha ho lula ba fetolana hore qetellong e mong le e mong a tsebe ho fumana mokhoa oa ho beha bohobe tafoleng. A re esale ba kopa lekala ka makhetlo hore le il’o etsa boithuto ka litaba tsena hore qetellong ba tsebe ho thuseha eseng ba bakeloe tšubuhlellano.
E mong oa baqhobi ba likoloi tsa lephele, Neo Molise o hlalositse hore lekala le lokela ho matlafatsa tsela eo le etsang lintho ka eona, le khothaletse ‘muso oa Lesotho ho aha litopo ka ntle ho teropo hore mosebetsi o tsebe ho etsahala ha bonolo. A re likoloi tsa bona tsa lokela ho sebetsa kahar’a teropo hore qetellong bohle ba tsebe ho sebetsa ho latela mefuta ea khoebo le likoloi tseo ba li sebelisang khoebong.
Ho sa le joalo, Raliphatlalatso oa Mokhatlo oa Bahoebi ba Likoloi tsa Baeti (MRTO), Lebohang Moea o itse ba thabile ho bona lekala le khutlela litseleng tsa khale ho etsa lintho e leng se tla thusa hore ntlafalo kahar’a khoebo ena le molao li sebetse. A re ka linako tse ling bahoebi ‘moho le bona ba qetella ba sa etse mosebetsi o nepahetseng ba tsoa taolong.
O re khoebo e ‘ngoe le e ‘ngoe e hloka mamello, ‘me batho bohle ba mamelle mokhoa o sebelisoang hore ba tsebe ho fumana lipolomiti sebakeng sa tšebetso.
