Vinkmag ad

La 25 Phato

Beke ea 21 har’a selemo

Mantaha

 Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (1:1-5.8-10)

“Le ile la sokolohela ho Molimo, la lahla melimo ea bohata, le tle le lebelle Mora oa hae eo a mo tsositseng bafung.”

Paulosi, Silvanuse le Timothi, ho Kereke ea Ba-Thessalonika, bao e leng ba Molimo Ntate le ba Morena Jesu Kriste. Mohau le khotso li ke li be le lona. Re leboha Molimo kamehla ka baka la lona bohle, re sa phetse ho le hopola lithapelong tsa rona. Pel’a Molimo oa rona le Ntat’a rona, ha re phetse ho etsa khopotso ea tšebetso ea tumelo ea lona, ea mesebetsi e boima ea lerato la lona, ea tiisetso eo le bileng le eona ka baka la tšepo ea lona, e leng tse tsoang ho Morena oa rona Jesu Kriste.

Re tseba hore Molimo o le khethile, lona bana babo rona ba ratuoang ke eena. Hobane Evangeli ea rona ha ea ka ea hlahisoa ho lona ka lipolelo feela, empa e ile ea tla ka mesebetsi e matla, ka Moea o Halalelang le ka kholiseho e phethehileng.

Efela le tseba seo re ileng ra ba sona har’a lona bakeng la lona, hobane lentsoe la Morena, ho tloha ha habo lona, ha lea ka la tuma ho ea Makedonia le Akaia feela, empa Tumelo ea lona ho Molimo e ile ea aparela ka liqola tsohle, hoo re sa hlokeng ho re letho ka taba ena. Efela, batho ha ba bua ka rona, ba bolela kamoo re ileng ra fihla ho lona kateng le mokhoa oo le ileng la sokolohela ho Molimo ka oona, la lahla melimo ea bohata, le tle le sebeletse Molimo ea phelang, oa ‘nete, le ho lebella Mora oa hae ea tla tsoa leholimong, eo a mo tsositseng bafung. Jesu ea re namolelang khalefong e tlang.

PESALEMA 149

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

le mo roke phuthehong ea metsoalle ea hae.

Israele a ke a ithabele ka ‘Mopi oa hae,

bana ba Sione ba nyakalle ka khosi ea bona.

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Ba ke ba rorise lebitso la hae ka mehobelo,

ba mo roke ka meropana le harepa;

hobane Morena o khahliloe ke sechaba sa hae,

o sitsa ba hlophehileng ka pholoho.

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Metsoalle ea hae e tla ba motlotlo,

e hooe ka thabo ha e itihela ka pele ho eena;

e phafe Molimo ka lentsoe le phefa:

ke bona boitumelo ba metsoalle eohle ea hae.

MORENA O KHAHLILOE KE SECHABA SA HAE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23:13-22)

“Ho malimabe lona, batsamaisi ba foufetseng.”

Ka nako eo, Jesu a bua, a re: Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le koalla batho ‘muso oa maholimo; efela lona ha le kene ho oona, le teng le hanela ba ratang ho kena teng.

Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le pota leoatle le lefatše lohle ho fumana mosokolohi a le mong; ‘me ha le mo fumane le mo etsa ngoana oa lihele ea le fetang habeli ka bobe.

Ho malimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, ba reng: Ha motho a ana ka Tempele, ha se letho; empa ha a ka ana ka gauda ea Tempele o tlamiloe. Le maoatla le lifofu! Ho hoholo ke hofe, ha e le gauda kapa Tempele e halaletsang gauda eo?

Hape le re: Ha motho a ana ka aletare, ha se letho, empa ha a ka ana ka nyehelo e aletareng o tlamiloe. Le lifofu! Ho hoholo ke hofe, ha e le nyehelo kapa aletare e halaletsang nyehelo eo?

Ea anang ka aletare, o ana ka eona le ka tsohle tse ho eona. Ea anang ka Tempele o ana ka eona le ka Ea ahileng ho eona. Le ea anang ka leholimo o ana ka terone ea Molimo le ka Ea lutseng ho eona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 Phato 2025

Read Next

La 26 Phato 2025

Most Popular