Beke ea 20 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Ruthe. (2:1-3.8-11;4:13-17)
“Ho bokoe Morena, eo kajeno a tsoselitseng mofu ntlo ka ngoan’abo, ke eena ntat’a Jesse, eo ebileng ntat’a Davida.”
Naomi o n’a e-na le mong ka monna oa hae, monna oa moruihali oa leloko la habo Elimeleke. Lebitso la hae e n’e le Boaze. Ruthe oa ba-Moabe, a re ho Naomi: Ak’u ntumelle ke ee masimong, ke e’o qolotsa liqoapi, ke mpe ke sale ea ka nkhauhelang morao. Naomi a re ho eena: U ka ea, ngoan’a ka.
Eaba oa tloha, o kena tšimong e ‘ngoe ho qolotsa, a setse morao ba helang. A iphumana a s’a nepane le tšimo ea Boaze oa leloko labo Elimeleke, Boaze a re ho Ruthe: Utloa, morali oa ka: U se ke ua qolotsa tšimong e ‘ngoe: u se ke ua tloha mona, u mpe u sale le makhabunyane a ka. Tšoaea tšimo e heloang, u a sale morao. Ke se ke laile bahlankana hore ba se ke ba u khathatsa ka letho. Ha u nyoriloe u ee linkhong u noe seo ba se khileng.
Eaba Ruthe o itihela fatše ka sefahleho, o re: Ho ea ka’ng hore ebe ke fumana mohau ho uena le hore u nkele hloko, empa ke le molichaba?
Boaze a araba, a re ho eena: Ke hobane ke tsebisitsoe tsohle tseo u li etselitseng matsal’ao ha e sa le monna ua hau a hlokahala, kamoo u siileng ntat’ao le ‘m’ao kateng, le naha ea heno, u bileng ua tla chabeng seo u neng u qala le ho se bona.
Ebile Boaze o s’a inyalla Ruthe, ea e-ba mosali oa hae. A phela le eena, ‘me Morena a mo thusa a emola, ‘me a beleha mora.
Basali ba re ho Naomi: Ho bokoe Morena, eo kajeno a tsoselitseng mofu ntlo ka ngoan’abo, hore lebitso la hae le se ke la timela Israeleng. Ngoana e ke e be motšelisi ua hau, le motšehetsi ua hau boqhekung, etsoe ke ea tsoetsoeng ke ngoetsi ea hau e u ratang, motho ea molemo ho uena le ho feta bara ba supileng.
Naomi a nka ngoana a mo sika, ‘me ea e-ba eena moholisi oa hae. Basali ba ahisaneng le eena ba re: Naomi o tsoaletsoe mora! Eaba ba mo reha lebitso la Obede. Ke eena ntat’a Jesse, eo e bileng ntat’a Davida.
PESALEMA 127
O HLOHONOLOFATSOA JOALO MOTHO EA TšABANG MORENA.
U lehlohonolo uena, ha u tšaba Morena,
‘me u tsamaea litseleng tsa hae.
U tla ja tsa mosebetsi oa matsoho a hau,
katleho le mahlohonolo li u aparele.
O HLOHONOLOFATSOA JOALO MOTHO EA TšABANG MORENA.
Mosali ua hau e tla ka morara o behang,
kahar’a ntlo ea hau;
bana ba hau e tla ka mahlomela a mohloare,
ba potile tafole ea hau.
O HLOHONOLOFATSOA JOALO MOTHO EA TšABANG MORENA.
Efela o hlohonolofatsoa joalo
motho ea tšabang Morena.
Morena a ke a hlohonolofatse a le Sione,
u ke u bone boiketlo ba Jesusalema
ka matsatsi ‘ohle a ho phela ha hau.
O HLOHONOLOFATSOA JOALO MOTHO EA TšABANG MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23:1-12)
“Hoo ba ho tsebang ke ho bua feela.”
Ka nako eo, Jesu a bua le matšoele le barutuoa ba hae, a re: Bangoli le Bafarisi ba lutse setulong sa Moshe. Ka baka leo bolokang ‘me le phethe tsohle tseo ba le bolellang tsona; ha e le liketsong tsa bona, teng, le se ke la ba etsisa, hobane hoo ba ho tsebang ke ho bua feela.
Ba tlama mojaro o boima, ba o beha mahetleng a ba bang, empa bona ha ba rate ho o thetsa leha e le ka monoana feela. Tsohle tseo ba li etsang, ba li etsetsa hore batho ba ba bone. Ba roala meqhaka e lipharaphara e ngotsoeng litemana tsa Bibele ‘me ba lelefatsa litjellane. Ba habile libaka tsa pele meketeng, le litulo tse kapele matlung a thapelo, le litumeliso mapatlelong, le ho bitsoa bo-Rabbi ke batho.
Ha e le lona, le se ke la bitsoa bo-Rabbi, hobane moruti oa lona o mong feela, ‘me bohle le bana ba motho. Ho se be motho eo le ‘mitsang Ntat’a lona lefatšeng, hobane Ntat’a lona o mong feela, ke ea leng maholimong.
‘Me le se bitsoe Baruti, hobane moruti oa lona o mong feela, ke Kriste. Eo e leng e moholo har’a lona ke eena eo e tla ba mohlanka oa lona. Mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.
