Sehopotso sa Bernard ea Halalelang, Ntat’a Baitlami le Moruti oa Kereke.
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Baahloli. (9:6-15)
“La re ho ‘na: E ka khona re busoe, athe Molimo e ne e le eena Molimo oa lona.”
Matsatsing ao, banna bohle ba Shekeme, le bohle ba Beth-Millo, ba phutheha, ho ea beha Abimeleke morena, haufi le sefate sa eike se pel’a sefika se Shekeme. Ha Jothame a tsebisoa taba tsena, a ea ema qhooeng ea thaba ea Gerizime, a phahamisa lentsoe, a hooa, a re ho bona: Mamelang lona banna ba Shekeme, Molimo a tle a le mamele le lona.
Ka mohlomong lifate li kile tsa ea ho ikhethela khosi le ho e tlotsa. Tsa re ho mohloare: Ha e be uena ea re busang. Mohloare oa re ho tsona: E be nka itelisa oli ea ka, eo ho hlonepshoang melimo le batho ka eona, hore ke e’o fokaela ka holim’a lifate tse ling?
Eaba lifate li re ho sefate sa feiga: Ha e mp’e tl’o ba uena ea re busang. Sefate sa feiga sa re ho tsona: Ebe nka itelisa monate oa ka le litholoana tsa ka tse hlabosehang, hore ke e’o fokaela holim’a lifate tse ling? Eaba lifate li re ho morara: ha e mp’e tl’o ba uena ea re busang. Morara oa re ho tsona: Ebe nka itelisa veine ea ka e thabisang melimo le batho, hore ke e’o fokaela holim’a lifate tse ling?
Qetellong lifate tsohle tsa re ho sehlahla sa meutloa: Ha e mp’e tl’o ba uena ea re busang. Sehlahla sa meutloa sa re ho lifate: Ha ekaba ke ka ‘nete le ratang ho ntlotsa hore ke be khosi ea lona, tlohong, le tšabele moriting oa ka. Ho seng joalo, mollo o ke o tsoe sehlahleng sa moutloa, o chese likedare tsa Lebanone.
PESALEMA 20
MORENA, KHOSI E ITHABELA KA MATLA A HAU.
Khosi e ithabela ka matla a hau, Morena,
ho hlola ha hau ho e tlatsa nyakallo.
U mo sitsitse ka seo pelo ea hae
e neng e se lakatsa,
ha ua ka ua mo tima seo a neng a se kopa.
MORENA, KHOSI E ITHABELA KA MATLA A HAU.
U mo tlisetsa mahlohonolo a khethehileng,
u mo roesitse mofapahloho oa gauda e tšekiloeng.
O n’a u kopile bophelo, ua mo fa bona,
ua mo sitsa ka matsatsi a matelele ho-ea-ho-ile.
MORENA, KHOSI E ITHABELA KA MATLA A HAU.
Ka ho hlola ha hau o mo file tlotla e kholo,
u mo apesitse khanya le bokhabane.
U mo entse ea lehlohonolo ka ho sa feleng,
u mo thabisa haholo ka hore a be pel’a hau.
MORENA, KHOSI E ITHABELA KA MATLA A HAU.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (20:1-16)
“Na u mona hobane ke le molemo?”
Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: ‘Muso oa Maholimo o tšoana le mong’a ntlo ea ileng a tsoa, e sa le ka meso, ho memela tšimo ea hae ea morara basebetsi. Hoba a lumellane le bona ka moputso oa letsatsi, a ba romela morareng oa hae.
A boela a tsoa, motšeare oa hoseng, a bona ba bang ba emeng lepatlelong, ba sa sebetse letho. Le ho bona a re: E-eang le lona morareng oa ka, ‘me ke tla le neha se lokelang. ‘Me ba ea.
A tsoa hape motšeare o moholo motšeare oa mantsiboea, ‘me a etsa ka mokhoa o tšoanang. A tsoa hape mantsiboea, a bona ba bang ba eme feela, ‘me a re ho bona: Ke ka baka la’ng le emeng mona tsatsi lohle le e sa sebetse letho na? Ba re ho eena: Ke hobane ha ho motho ea re thotseng. A re ho bona: E-eang le lona morareng oa ka.
Qetellong ea letsatsi, mong’a tšimo ea morara a re ho mookameli oa mesebetsi ea hae: Bitsa basebetsi, o ba nehe moputso oa bona, u qale ka ba morao ‘me u qetelle ka ba pele. Eare ha ho e-tla ba mantsiboea, e mong la e mong a fumana moputso oa letsatsi.
Joale, ba fihlileng pele ba tla ba hopola hore ba tla fumana ho feta. Empa e mong le e mong oa bona a fumana moputso oa letsatsi le eena. Ba e amohela ba ntse ba korotlela mong’a ntlo, ba re: Bana ba morao ba sebelitse hora e le ‘ngoe feela, athe u ba lekantse le rona ba jereng boima ba letsatsi lohle le mocheso oa lona.
Empa a araba a re ho e mong oa bona: Motsoalle, ha ke u etse hampe. Hleka ha rea lumellana le uena ka moputso oa letsatsi na? Nka seo e leng sa hau, u ikele. Ke rata ho fa enoa oa qetello joaloka uena. Ana ha ke na tokelo ea ho etsa seo ke se ratang ka lintho tsa ka na? Kapa u mona hobane ke le molemo na?
Ka mokhoa o joalo, ba morao e tla bạ ba pele, ‘me ba pele e tla ba ba morao. Hobane ba bitsitsoeng ba bangata, empa ba khethiloeng ha ba bakae.
