MOKETE O MOHOLO OA NYOLLELO EA MARIA MOVIRIGO LEHOLIMONG.
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Tšenolo. (11:19;12:1-6.10)
“Pontšo e kholo e ile ea bonahala leholimong.”
Tempele ea Molimo ea buloa leholimong, ‘me areka ea selekane sa hae ea bonoa ka Tempeleng ea hae.
Pontšo e kholo e ile ea bonahala leholimong: Mosali ea apereng letsatsi, khoeli e le tlas’a maoto a hae, a bile a le mofapahloho oa linaleli tse leshome le metso e ‘meli hlohong. E ne e le moimana: a bokolla a le bohlokong ba pelehi.
Ha bonahala pontšo e ‘ngoe hape leholimong: drakone e kholo, e khubelu, e lihloho tse supileng le linaka tse leshome, e le mefapahloho e supileng lihlohong tsa eona.
Ka mohatla oa eona ea hulanya karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo ‘me ea li lahlela lefatšeng. Drakone ea ema pel’a mosali ea neng a le lekhatheng la ho beleha, e tle e je mora oa hae ha a se a ‘melehile.
Joale mosali a beleha ngoana e motona, ea tlang ho busa lichaba tsohle ka lere la tšepe; ‘me mora oa hae a nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae. Mosali eena a balehela feelleng, moo Molimo a neng a mo lokiselitse sebaka teng, hore a tle a feptjoe teng matsatsi a sekete se nang le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng.
Eaba ntoa e qhoma leholimong: Mikaele le manyeloi a hae a futuhela drakone. Drakone le manyeloi a eona ea loana, empa ea hloloa, ‘me ea lelekoa leholimong ‘moho le manyeloi a eona.
Ha liheloa drakone eo e kholo, noha ea khale e bitsoang Diabolosi le Satane, mokhelosi oa lefatše lohle: ea liheloa lefatšeng, le manyeloi a eona a liheloa le eona. ‘Me ka utloa leholimong lentsoe le phefa le buang, le re: Joale tlholo, le matla, le borena ke tsa Molimo oa rona, le puso ke ea Kriste oa hae.
Pesalenma 44
MOFUMAHALI O KA LETSOHONG LE LETONA LA HAU, O KHABILE KA TSA GAUDA EA OFIRE.
Mofumahali o ka letsohong le letona la hau,
o khabile ka tsa gauda ea Ofire.
Mamela ka hloko, morali, u sekehe tsebe,
lebala sechaba sa heno le ntlo ea ntat’ao.
MOFUMAHALI O KA LETSOHONG LE LETONA LA HAU, O KHABILE KA TSA GAUDA EA OFIRE.
Khosi e tla khahloa ke botle ba hau;
E re ka ha e le Morena ua hau,
itihele fatše ka pele ho eena.
Ba isoa ka thabo le nyakallo,
ho ea kena tlung ea borena.
MOFUMAHALI O KA LETSOHONG LE LETONA LA HAU, O KHABILE KA TSA GAUDA EA OFIRE.
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (15:20-26.28)
“O busetsa borena ho Molimo e leng Ntat’ae, hore Molimo a be tsohle ho bohle.”
Bana beso! Kriste o tsohile bafung e le thakangoaha ea ba ithobaletseng. Ere ka ha lefu le tlile ka motho, tsoho ea bafu le eona e tla ka motho. ‘Me joalokaha bohle ba e-shoa ka Adama, ka mokhoa o tšoanang bohle ba tla phelisoa ka Kriste, e mong le e mong ka nako ea hae: Kriste ke thakangoaha, e nt’o ba bao e leng ba Kriste ba lumetseng ho khutla ha hae.
Kamorao e tla ba bofelo, mohla Kriste a busetsang borena ho Molimo e leng Ntat’ae ha a felisitse mebuso eohle le borena bohle, le matla ‘ohle. Ha e le eena e ka khona a buse ho fihlela mohla a behang lira tsohle tsa hae tlas’a maoto a hae. Sera sa qetello se tla felisoa, ke lefu.
Empa ha tsohle li behiloe tlas’a hae, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Eo ea behileng tsohle tlas’a hae, hore Molimo a be tsohle ho bohle.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1:39-56)
“Ho ntlhahela kae hore ‘M’a Moren’a ka a tle ho ‘na?”
Ka nako eo, Maria a tloha, a ea maluting ka phakiso, motseng o mong oa Juda. A kena ka tlung e Zakaria ‘me a lumelisa Elizabetha. ‘Me ha etsahala hore ha Elizabetha a utloa tumeliso ea Maria, ngoana a hlasimolohe popelong ea hae, ‘me Elizabetha a tlala Moea o Halalelang. Eaba o hooa ka lentsoe le matla, o re: U lehlohonolo har’a basali, ‘me ho lehlohonolo tholoana ea popelo ea hau. ‘Me ho ntlhahela kae hore ‘M’a Moren’a ka a tle ho ‘na? Hobane ke mona, hang ha lentsoe la tumeliso ea hau le kena tsebeng tsa ka, ngoana a hlasimoloha ke nyakallo popelong ea ka. Ho lehlohonolo uena ea lumetseng, hobane tseo u li boleletsoeng ke Morena li tla phethahala.
Maria a re: Pelo ea ka e tlotlisa Morena, moea oa ka o thabetse Molimo Mopholosi oa ka. O bone ho eiseha ha lekhabunyane la hae; ho tloha joale meloko eohle e tla mpitsa ea lehlohonolo, hobane Ea matla-‘ohle o nketselitse tse kholo.
Lebitso la hae lea halalela. Mohau oa hae o aparela ba mo tšabang, ka meloko le meloko. O sebelitse tse matla ka letsoho la hae, o qhalantse ba pelo li ikhohomosang.
O theotse ba matla literoneng, o phahamisitse ba eisehang. Ba lapileng o ba khorisitse tse molemo, ba ruileng o ba tebetse ba se na letho. O thusitse Israele, mohlanka ua hae, a sa lebale ho paka mohau oa hae, joalokaha a n’a baletse bo-ntat’a rona. Abrahama le litloholo tsa hae kamehla eohle.
Maria a lula le Elizabetha likhoeli tse batlileng li ba tharo, a nt’o boela tlung ea hae.
