Vinkmag ad

Re behile matsoho hloohong-Mohajana

Mosebeletsi oa tsa Bophelo Metseng, Phamong, ‘Masechaba Mohajana o re ba behile matsoho lihlohong, kamor’a ho hlokomela hore bana ba banana ba lilemo li 14 ho isa ho 17 ba bonahala ba imme ka bongata. O boletse tsena, puisanong le Koranta ka la 25 Phupu monongoaha.

 O re ha joale ke bonyane banana ba 20 bao a nang le lipalo tsa bona bao e leng bakhachane. O re qholotso e kholo ke ea bana ba ikholisang bao batsoali ba bona ba ba siileng le boikarabello ba malapa, ba sebetsa Afrika Boroa. O re ba bang ba sitoa ho arabela litlhoko tsa bona tsa letsatsi le letsatsi ba qetelle ba inehella bahlankana kapa bo-ntate ba nang le malapa ka khopolo ea hore ba tla ba thusa ebe ba ba sia le bana.

 Ho feta mona, bothata bo bong o itse ke litloaelo ho latela bophelo ba sechaba ho latela libaka ka ho fapakana, ka ha ba bang ba nka maeto a matelele ho fihla likolong ba qetelle ba se nyahlatsa ka lehare, ba bang ba hlekefetsoe. A re bothata bona bo hlokoa tharollo e potlakileng hobane ha ho na hore bana ba ka etsa bana, ebe ho lebelletsoe litholoana tse ntle kholong ea bona.

 O re ba se ba ile ba tsoa lets’olo ho fana ka thuto ho sechaba ho ba hlokomelisa ka kotsi ea litaba tsena, le moo e bang ho na le ngoana ea tlalehileng ketso ea peto kapa e mo sitisang ho phela a lokolohile ba fana ka tlhabollo. O re e le basebeletsi ba ee ba bokelle bana ba banana ho ba ruta ka mekhoa ea ho its’ireletsa, boikemelo ba bona, kholo le menyetla ea ho etela litsing khafetsa molemong oa bophelo bo botle.

O bonts’itse batsoali ba bang ba bonahala ba sa thabele litaba tsena, ha ba bang ba bonahala ba li thabela ho latela litloaelo le hore ba tsoafa ho nka boikarabello kholisong ea bana ba bona, haholo thutong. O re mafapha a ikarabellang a lokela ho etela libaka tsena hobane taba ena ke tlokotsi e etsang e amang sechaba.

Har’a litaba tse ling o hlalositse hore metse e meng e mesikong ea lithaba moo ho fihlehang ka boima, ho thata hore batsoetse ba ise bana lienteng ka nako hobane ba nka lihora tse hlano ho isa hot se ts’eletseng pele ba fihla Setsing sa Bophelo se Phamong hobane ke sona feela se fanang ka lits’ebeletso. A re batsoetse ba bang ba atleha ho fumana lits’ebeletso ha li atamelelitsoe metseng e haufi, hobane ka lebaka la tlhokahalo ea makoloi le khaello ea baoki setsing ba sitoa ho fumana lits’ebeletso.

“Taba ena e bohloko hobane e ama kholo e ntle ea bana, hoo bana ba qetellang ba enta liente tse ngata hong e leng se ka amang bophelo ba bona.’’ Ke Mohajana eo.

A bonts’a hore bana ha ba tsamaee liente hantle, ‘me bona ba sitoa ho fana ka bosebeletsi bo joalo hobane ha b’a bo rupelloa, ha e se ho thusana ho fana ka litlhare ho bakuli metseng.

Matebello Phalali oa Ha Qacha Phamong, o hlalositse hore bothata ba bokhachane bo sa reroang ba neng bo bokoa ke litloaelo tsa hore batho esale ba tseba hore ngoanana h’a ea linakong a ka ba le ngoana, bo bong ke ba bana ba ikholisang, ba bang ba hlokomela malapa a habo bona kaha batsoali ha ba sa phela. 

 A re bofuma bo tjametseng malapa bo kenya letsoho hobane bana ba bang ba sitoa feela le ho ba le mesangoana ea boitlhoekiso khoeli le khoeli, hoo ba tleloang ke mehopolo ea hore bo-ntate ba baholo ba ka ba thusa.

Mokanselara oa Phamong Molefi Putsoane, o tiisitse litaba tsena ka le reng ba leka mekhoa eohle ho fihlella libaka tse fapakaneng ho bona hore ba fana ka thuto sechabeng empa ha ho nko ho tsoa lemina, bothata boo a ithutileng bona ke tlala e tjametseng malapa, khaello ea thuto le lits’ebeletso tse fumanoang hole haholo.

 “Ke khathetse matla selemong sena, lipalo tsa bakhachane ba tlaase lilemong li phahame ho feta lilemo tsohle.” Ke Putsoane.

A re ba ipiletsa ho ‘Muso oa Lesotho ho ba bulela Litsi tsa Bophelo metseng e hole le literopo hore lits’ebeletso li fumanehe habonolo. A re ba sitoa ho fihlella libakeng tseo ka nako hobane libaka tse joalo ha li fihlellehe ha bonolo ka lebaka la maemo a tsona a leholimo a fetohang khafetsa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Phato 2025

Read Next

La 2 Phato 2025

Most Popular