Vinkmag ad

La 1 Phato 2025

Sehopotso sa Alfonse Maria Liguori ea Halalelang, Moprista le Moruti oa Kereke.

Labohlano

Beke ea 17 har’a selemo

 Ho baloa Bukeng ea Levitike. (23:1.4-11.15-16.27.34-37)

“Ke ena mekete ea Morena eo ka eona le tla memela bana ba Israele liphuthehong tse halalelang.”

Molimo a bua le Moshe, a re: Ke ena mekete ea Morena eo ka eona le tla memela bana ba lsraele liphuthehong tse halalelang: Ka khoeli ea pele, ka la leshome le metso e mene khoeling, ka shoalane, e tla ba Paseka bakeng la Morena. Athe ka la leshome le metso e mehlano la khoeli eo, e tla ba mokete oa Mahobe a sa lomosoang o etsetsoang Morena. Ka matsatsi a supileng le tla ja mahobe a sa lomosoang.

Tsatsing la pele, e tle e be phutheho ea lona e halalelang; ka lona, le se etse mosebetsi ofe kapa ofe o boima. Ka matsatsi a supileng, le tla hlahisetsa Morena nyehelo ea lijo. Ka tsatsi la bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang: ka lona le se etse mosebetsi ofe kapa ofe o boima.

Molimo a boela a bua le Moshe, a re: Bua le bana ba Israele, u re ho bona: E tle e re ha le se le kene naheng eo ke tla le neha eona, ka nako ea kotulo, le tle le tlisetse moprista ngata ea pele ea kotulo ea lona.

O tla tsoka ngata kapel’a Morena, e le hore lona le tle le amohelehe; moprista o tla e tsoka ka letsatsi le hlahlamang Sabbatha.

Ho tloha ka letsatsi le hlahlamang Sabbatha, e leng letsatsi leo ka lona le tlisitseng ngata hore e tsokoe, le tle le bale beke tse supileng tse tletseng. Le tle le bale matsatsi a mashome a mahlano, ho fihlela letsatsi le hlahlamang Sabbatha sa bosupa; ‘me teng le tle le etsetse Morena nyehelo e ncha.

Hape ka la leshome khoeling ena ea bosupa e tla ba letsatsi la Puseletso, ‘me ka lona le tla ba le phutheho e halalelang; le tla itlhokofatsa ‘me le tla hlahisetsa Morena nyehelo ea lijo.

Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano khoeling ea bosupa, e tla ba Mokete oa Metlotloane e etsetsoang Morena ka matsatsi a supileng. Tsatsi la pele, e tle e be phutheho e halalelang: ka lona le se etse mosebetsi ofe kapa ofe o boima. Ka matsatsi a supileng le tla nyehela Morena sehlabelo sa secheso.

Ka tsatsi la borobeli e tle e be phutheho ea lona e halalelang; le tle le nyehele Morena sehlabelo sa secheso. E tla ba letsatsi la seboka; ka lona le se etse mosebetsi ofe kapa ofe o boima. Ke eona ena mekete ea Morena eo ka eona le tla memela bana ba Israele liphutheho tse halalelang, ho hlahisetsa Morena nyehelo ea lijo, secheso, le nyehelo, le sehlabelo, le lino, ho ea ka meetlo e behetsoeng letsatsi ka leng.

PESALEMA 80

ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.

Phokolang sefela, le tilinye moropa,

cithare e llang hamonate le harepa.

Letsang lenaka ha khoeli e thoasa,

leha e toloka, bakeng la mokete oa rona.

ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.

Hobane ke molao Israeleng,

ke taelo ea Molimo oa Jakobo.

Ke temoso eo Josefa a e filoeng,

h’a e-tsoa naheng ea Egepeta.

ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.

Ha hau ho se be molimo o sele,

u se ke ua khumamela molimo o sa tsebisahaleng.

Ke ‘na Morena Molimo ua hau,

ea u ntšitseng naheng ea Egepeta.

ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:54-58)

“Na ha se eena mor’a ‘metli oa mapolanka? O li nkile kae tsena kaofela?”

Ka nako eo, Jesu a fihla motseng oa habo, a ruta batho tlung ea thapelo. Ba ne ba tsota ba re: Bohlale bona le mehlolo ena, enoa o li nkile kae? Na ha se eena mor’a ‘metli oa mapolanka? Na ‘m’ae ha se ea bitsoang Maria, le bana babo ha se Jakobo, Josefa, Simone le Juda? Le likhaitseli tsa hae tsohle ha li moo har’a rona? Ha ho le joalo, o li nkile kae tsena kaofela?

Ba ne ba khopiseha ka eena. Empa Jesu a re ho bona: Ha ho moo moprofeta a hlompholloang ha e se motseng oa habo le lapeng labo. ‘Me ka baka la ho se lumele ha bona, h’a ka a etsa mehlolo e mengata moo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 31 Phupu 2025

Read Next

Re behile matsoho hloohong-Mohajana

Most Popular