‘Mantaha
Beke ea 17 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Exoda. (32:15-24.30-34)
“Sechaba sena se entse sebe se seholo ka ho iketsetsa molimo oa gauda.”
Matsatsing ao, Moshe a khutla, a theoha thabeng a nkile matlapa a mabeli a Bopaki ka matsoho. Matlapa ao a n’a ngotsoe ka mahlakoreng a mabeli, a ngotsoe ka nq’ena le ka nq’ane. Matlapa ao e ne e le mosebetsi oa Molimo le mongolo e ne e le mongolo oa Molimo, o betliloeng matlapeng.
Joshuoa a utloa lerata la sechaba ha se ntse se tleroha; ‘me a re ho Moshe: Ho na le lerata la ntoa liahelong. Moshe a re: Ha se lerata le etsoang ke batho ha ba hlotse kapa le etsoang ke batho ha ba hlotsoe, empa ke utloa lerata la batho ba binang pina e lumelanang.
Eitse ha a atamela liahelong, a bona namane le mehobelo. Eaba Moshe o tlokoma ke khalefo. A lihela fatše matlapa ao a neng a a nkile ka matsoho, a a pshatla maotong a thaba. A nka namane eo ba neng ba e entse, a e chesa mollong, a ba a e sila phofo e thumisehileng eo a ileng a e fafatsa holim’a metsi, a nt’o noesa bana ba Israele metsi ao.
Eaba Moshe o re ho Aarone: Sechaba sena se u entse’ng hore u tl’u se lihele sebeng se sekalo? Aarone a re: Mong’a ka a se ke a tlokoma ke khalefo! Le uena ua tseba kamoo sechaba sena se sekametseng bobeng kateng.
Ba itse ho ‘na: Re etsetse molimo ea tla re etella pele, hobane ha e le Moshe, monna eo ea re ntšitseng naheng ea Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng. Ka ba ka re ho bona: Ke bo-mang ba nang le gauda? Ba be se ba e rola, ba mpha eona. Ka e akhela mollong, ‘me ke ha ho tsoa namane eo.
Ka le hlahlamang, Moshe a re ho sechaba: Le entse sebe se seholo; ke tla ke ke nyolohele ho Morena hona joale; mohlomong nka le fumanela tšoarelo ea sebe sa lona.
Moshe a khutlela ho Morena, a re: Jonna! Sechaba sena se entse sebe se seholo ka ho iketsetsa molimo oa gauda. Joale, hoja u ka ba leballa sebe sa bona! Ho seng joalo, hlakola lebitso la ka bukeng ea hau eo u e ngotseng.
Morena a re ho Moshe: Ea ntšitetsoeng ka sebe ke eena eo ke tla mo hlakola bukeng ea ka. Joale, tsamaea u ise sechaba moo ke u laetseng teng. Lenyeloi la ka le tla u etella pele; empa tsatsing la kotlo, ke tla ba otla ka baka la sebe sa bona.
PESALEMA 105
BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.
Ba iketsetsa namane Horebe,
ba itihela fatše kapel’a setšoantšo sa tšepe.
Ba furalla tlotla ea bona,
ba retelehela setšoantšong
sa khomo e fulang joang.
BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.
Ba lebala Molimo ea ba pholositseng,
ea entseng tse kholo Egepeta,
tse tsotehang naheng ea Hame,
le limakatso Leoatleng le Lefubelu.
BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.
Ha a re oa ba timetsa,
Moshe, mokhethuoa oa hae a ema lipakeng,
a phoka khalefo ea hae, hore ba se felisoe.
BOKANG MORENA, HOBANE O MOLEMO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:31-35)
“Tlhaku ea mosetareta e fetoha sefate seo linonyana tsa leholimo li ka tlang ho ahela makaleng a sona.”
Ka nako eo Jesu a behela matšoele papiso, a re: ‘Muso oa maholimo o tšoana le tlhaku ea mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala tšimong ea hae. Ke eona e leng nyenyane har’a lipeo tsohle; athe ha e se e holile, e feta litlama tse ling ka boholo, e fetoha sefate seo linonyana tsa leholimo li ka tlang ho ahela Makaleng a sona.
A ba bolella papiso e ‘ngoe hape, a re: ‘Muso oa maholimo o tšoana le tomoso, eo mosali a ileng a e nka, a e lubella phofong ea koro e tekanyo li tharo, ho fihlela hlama e lomoseha kaofela.
Tseo tsohle Jesu a li bolella matšoele ka lipapiso, o ne a sa a bolelle letho ha e se ka lipapiso; ho tle ho phethahale se neng se ile sa boleloa ke moprofeta ha a re: Ke tla ahlamisa molomo ke bue ka lipapiso, ke phatlalatse tse patehileng ha esale lefatše le thehiloe.
