Morafo oa litaemane oa Letšeng o ntsitse phatlalatso ea hore o tl’o fokotsa basebetsi ka linoko tse 20 lekholong ho latela ho oa ha ’maraka oa thekiso ea litaemane lefatšeng ka bophara. Phatlalatso ena ke ea la 23 Phupu monongoaha.
Phatlalatso e re morafo o ntse o le matsoalong a litefiso tsa lekhetho la Amerika tseo o sa tsebeng hore na li tl’o ema joang, ka hona o nka mohato ona e le ho boloka chelete, ho sireletsa boleng ba karolo ea batseteli le ho netefatsa botsitso ba tšebetso ea nako e telele.
Kampani e hlalosa e hlahlobile meralo ea nako e khutšoanyane ea ho rafa le tšebeliso ea lichelete e le ho fokotsa litšebeletso tsa morero ka bonyane nako e qalang ea selemo e le hore e tle e be le bophelo ba nako e telele ba khoebo.
Polelo e tsoelapele hore e ikitlaeletsa ho tsoelapele ka moralo oa nako e telele ho hlahisa litaemane tsa boleng, ‘me boikemelo bona bo na le tšepo ea hore mohato ona o nkoang o tla khutlisetsa maemo setloaeling, ‘me morafo o tla lula lisitse maemo a mebaraka.
Litaba tsena li etsahala nakong eo ’Muso oa Lesotho o sa tsoa phatlalatsa tlhokahalo ea mosebetsi ho bacha kahar’a naha e le koluoa e lokeloang ho nkeloa likhato tsa ka pele tsa nako e telele.
