‘Mantaha
Beke ea 16 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Exoda. (14:5-18)
“Morena a iphumanela thoriso ka ho hlola Faro.”
Matsatsing ao, hoba Khosi ea Egepeta e tsebisoe hore sechaba se balehile, maikutlo a Faro le a bahlanka ba hae a fetoha mabapi le sechaba. Ba re: Re ne re etsa’ng hore re lokolle Israele tšebeletsong ea rona?
Ke ha Faro a pana lipere kariking ea hae, a tsoa le batho ba hae. A nka le likariki tse khethiloeng tse makholo a tšeletseng le likariki tsohle tsa Egepeta, e ‘ngoe le e ‘ngoe e e-na le bapalami ba eona.
Morena a thatafatsa pelo ea Faro, Khosi ea Egepeta, e le hore a phallele bana ba Israele ba neng ba e-tsoa ka matla a Morena. Ba-Egepeta ba ba phallela, ka lipere le ka likariki kaofela tsa Faro, bapalami le ka mphi eohle ea hae; ba ba fumana ba emisitse haufi le leoatle, pel’a Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone.
Faro o n’a nts’a atamela. Eare ha bana ba Israele ba re mahlo-tloha! ba bona Ba-Egepeta e s’e le bana kamor’a bona. Bana ba Israele ba tšoha haholo, eaba ba hoeletsa ho Morena.
Ba re ho Moshe: Na ke hobane ho n’o se mabitla Egepeta, ha u re tlisitse, ho shoella feelleng moo? U n’u etsa’ng, ha u re ntša Egepeta? Na ha rea ka ra u bolella re sa le Egepeta, ra re: Re lese, re sebeletse Ba-Egepeta, hobane ho molemo ho rona ho sebeletsa Ba-Egepeta, ho e-na le ho shoella feelleng!
Empa Moshe a re ho sechaba: Se tšoheng! Emang le tiile, le tle le bone seo Morena a tla le etsetsa sona kajeno ho le pholosa; hobane Ba-Egepeta bana bao le ba bonang kajeno, le ka mohla ha le sa tla hlola le ba bona hape. Morena o tla le loanela; ha e le lona, le tla shebella feela.
Morena a re ho Moshe: U ntse u nkhoeletsa ka baka la’ng? Bolella bana ba Israele ba tsamaee. Ha e le uena, u phahamise lere la hau, u otlolle le letsoho la hau holim’a leoatle, u le phatlole, hore bana ba Israele ba tsebe ho kena leoatleng, ba hata sebataolong.
Ha e le ‘na, ke tla thatafatsa lipelo tsa Ba-Egepeta, ‘me ba tla kena ba ntse ba ba lelekisa. Ke moo ke tla iphumanela thoriso ka ho hlola Faro le limphi tsohle tsa hae, likoloi tsa hae le bapalami ba hae. Ba-Egepeta ba tla tseba hore ke ‘na Morena, ha ke fumana thoriso ea ho hlola Faro, likoloi tsa hae le bapalami ba hae.
PESALEMA (Ex 15,1-6.)
A RE BINELENG MORENA HOBANE O ITHOESITSE TLOKOLA EA TLHOLO.
Matla le thoko ea ka ke Morena,
ke eena ea mpholositseng.
Ke eena Molimo oa ka, kea mo thoholetsa;
ke eena Molimo oa bo-ntat’a rona, kea mo phafa.
A RE BINELENG MORENA HOBANE O ITHOESITSE TLOKOLA EA TLHOLO.
Morena ke mohlabani,
lebitso la hae ke Morena.
Likariki tsa Faro le mabotho a hae
o a lihetse leoatleng,
likalakati tsa bahale ba hae
tsa teba Leoatleng le Lefubelu.
A RE BINELENG MORENA HOBANE O ITHOESITSE TLOKOLA EA TLHOLO.
Maliba a ba pupelitse,
ba qoela ho ea fihla tlase-tlase joaloka lejoe.
Letsoho la hau, Morena, le tumme ka matla a lona,
letsoho la hau, Morena, le robokeletse sera.
A RE BINELENG MORENA HOBANE O ITHOESITSE TLOKOLA EA TLHOLO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (12:38-42)
“Mofumahali oa Boroa o tla ema kahlolong le moloko ona.”
Ka nako eo, ba bang ba Bangoli le ba Bafarisi ba araba Jesu ba re: Moruti, re rata ho bona pontšo e tsoang ho uena. Eena a fetola, a re: Moloko o mobe, o khopo, o batla pontšo! Empa pontšo o ke ke oa e nehoa, ha e se ea Moprofeta Jonas. Hobane joalokaha Jonas a bile ka mpeng ea hlapi e kholo matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokhoa o joalo Mor’a motho o tla ba ka mpeng ea lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ‘me ba tla o tsoa, hobane ba ile ba etsa pako ka baka la thuto ea Jonas, empa ho teng mona ea fetang Jonas. Mofumahali oa Boroa o tla ema kahlolong le moloko ona ‘me o tla o tsoa, hobane o ile a tloha lipheletsong tsa lefatše ho tla utloa bohlale ba Salomone, empa ho teng mona ea fetang Salomone.
