Vinkmag ad

“‘Muso o tsoe motlakaseng”

Molula-Setulo oa Komiti e Alositseng Ts’ebeliso ea Lichelete tsa Sechaba (PAC) ‘Machabana Lemphane Letsie o re ba fumane ketelong ea bona Setsing sa Phehlo ea Motlakase Ha Ramarothole, hore Kampani ea Phepelo ea Motlakase Lesotho (LEC) e kolota setsi seo M70Millione. O boletse tsena ka la 14 Phupu monongoaha, a hlalosa seo ba se fumaneng  ketekelong ea bona e le komiti Ha Ramarothole Seterekeng sa Mafeteng.

Letsie o bonts’itse ha sepheo sa bona e ne e le ho ea ithuta ts’ebetso ea sona le hore na se fihlela tebello ea phehlo ea motlakase. A re phehlo ena ea motlakase ka letsatsi e theko e phahameng haholo le ho latela boleng ba thepa e sebelisoang sebakeng seo. A re Basotho ba bangata ba ke ke ba ba le matla a ho e kokomosa ‘moho le LEC.

O tsoetsepele hore e bang ‘muso o tsoelapele ka setsi sa mofuta ona ho tl’o sesisa naha kahar’a mekitlane hobane lichelete tse ling tse sebelisoang ho etsa merero ena ke tsa mekitlane. A bonts’a hore qetellong Basotho ke bona ba tla imetsoa ka ho lefa litjeo tseo tsa motlakase ka ho o reka ka litheko tse holimo.

Molula-Setulo oa Balula-Setulo ba Likomiti tsa Paramente Mokhothu Makhalanyane o re ba etetse setsi sena kamor’a ho ithuta hore se fepela LEC ka motlakase eaba ba rera ho kena leetong ho etsa boithuto ka ts’ebetso ea sona.

O itse ba fumane hore ho fehla motlakase ka letsatsi ho litjeo li boima ha se tsela e ka arabelang tlhoko ea motlakase oa Lesotho, papisong le phehlo ea motlakase ka metsi le mashala. A re naha ha e ka tsoelepele ho fehla motlakase ka letsatsi e tl’o imeloa ke lits’enyehelo ka hoo ha ba khothaletse ‘Muso oa Lesotho le paramente ho tsoelapele ho tsetela lichelete karolong ena ea phehlo ea motlakase. A re ba lokela ho tsetela lichelete tse ngata phehlong ea motlakase oa metsi kaha o se lits’enyehelo li boima.

Moomakeli oa setsi Sebajoa Tau o hlalositse hore setsi sena se qalile ts’ebetso ka selemo sa 2021 se ntse se sebetsa hantle kaha se atleha ho fepela litereke tsa Maseru, Mafeteng, Mohale‘s Hoek le Quthing ha mocheso o le teng. A re nkho ea bona ea pokello ea motlakase e’a imeloa ha maru a le teng leha e le bosiu ha ba be le motlakase kaha ba lokela ho ba le mokhoa oa ho bokella motlakase nakong eo o fehlehang ka bongata ha ho chesa.

A supa ha motlakse ona o sebetsa hantle ha letsatsi le hlakile ho tloha ka hora ea 10 hoseng ho isa ho ea boraro mantsiboea. Setsi sena se thehiloe ka bokhothokhotho ba M1 Billione.

Vinkmag ad

Read Previous

 ‘Muso o fanyehe lekhetho la joala

Read Next

Lesaoana o khalema banna

Most Popular