‘Muso oa Lesotho o lokela ho beha pooaneng mekhoa ea ho imolla likhoebo tse ikemetseng le ho bula mamati hore bahoebi ba koetlise bacha ka mekhoa ea ho tsamaisa likhoebo eseng ba sobokelloe feela feela ho qala likhoebo. Litaba tsena li boletsoe ke Mookameli oa Mokhatlo oa Bahoebi ba Likhoebo tsa Lino le lijo, Motseki Nkeane puisanong le Koranta ka la 15 Phupu monongoaha.
O re ketso eo ke ho koala bacha melomo hore ba se re letho ka tlhahiso ea mesebetsi ho bacha, ‘me ho netsoe ke ho kenyetsa tsamaiso ea naha ena ea likhoebo metsi ka moeli ka ho ngolisa likhoebo ka tsela e se nang ponaletso, ebile e etsoa mahala. O re taba ea tlhokahalo ea mesebetsi ha e hloke batho ba iphosisang tsamaiso hobane ba le matleng empa ba bone hore litaba li sebetsoa ho latela molao.
O re e le bahoebi ba bang ba naha ena b’a ipotsa hore na ‘muso o tiisitse hore o re qha! ka ho kenya Section 34 ts’ebetsong. O re eo e ne e tla etsa hore bana ba Basotho ba iqalle likhoebo tse ba lokelang ba sa sitisoe ke melata. A re e hlahisitse hore na ke likhoebo life tse neng li tla oela matsohong a Basotho.
O tsoelapele hore ‘muso o ile oa eletsoa ka botebo ke bahoebi ba bang, moo matona ohle a le teng ha ‘moho le Mohlomphehi Tona-Kholo hore ha o kenya ts’ebetsong lekhetho la joala le koae, litlamorao e tlo ba ho felisa mesebetsi le ho nts’a khoebo kahar’a naha ho e isa Afrika Boroa, ‘me ho fetse ho joalo. A re haeba ‘muso o ne o sa bone ka nako eo hore ke phoso o nahana o lokela ho ipona phoso hobane seo ke ho itheola maemong a lokelang ho ntlafatsa sechaba.
A re.ho hlakile ‘muso o nkile karolo ho mpefatsa ea liphepetso tsena tseo kajeno o reng ke tlokotsi, e leng tlhokahalo ea mesebetsi. A re ba ea lokela ho ithetsa ka hore ho na le bafani ba tla phallela naha joaloka nako tse fetileng. Le ha ho le joalo a bonts’a hore ke toro feela hobane linaha tsohle li na le mathata a tsona hona joale, ka hoo seo ba lokelang ho se etsa ke ho itlhahloba e le naha, hobane u ka nketsa’ng ha e ahe motse, etsoe bohlale ha bo ahele ntloana-‘ngoe.
Mphe-mphe ea lapisa molekane motho o khonoa ke sa ntlo ea hae.Mosebetsi oa ‘Muso ke ho batalatsa mabala joale sechaba ka mekhahlelo ea sona se itlhahisetse mesebetsi se hire le ba bang. ‘Muso o tlameha ho etsa seo o se buoang, e seng o buoe tjena ebe liketso tsona li hanana le lipolelo tseo.
Nkeane o re ‘muso o fanyehe lekhetho la Joala le Koae hobane ke tse ling tsa litharollo tsa tlhahiso ea mesebetsi. O re ho tla thusa hore ba bang ba Basotho ba feletsoeng ke mesebetsi likhoebong tse joalo ba khutlele mosebetsing ho thusa hore mesebetsi e be mangata.
Ho fanyeha Lekhetho la koae le koala ho tla thusa ho imolla ‘muso haholo e bang ba sa iphapanyetse taba ena.
Maneo Ralentsoe eo e leng mohoebi oa Joala, o hlalositse hore o ne a ena le bosebetsi ba 10 ho tloha ho nyolotsoe Lekhetho la nkoae le joala o ile a tlameha ho ba fokotsa ho fihlela a setse ka bosebetsi ba bahlano. O re taba ena e boima hobane ‘muso o lla ka tlhokahalo ea mesebetsi eo e meng ea eona e amehang ke liqeto tsa bona.
A re naha ena e sale hole ho iphumana hobane batho ba liqetong tse holimo ba shebile bona, ba lebetse ka ntlafalo ea sechaba. A re ho bohlokoa hore mebuso e seke ea etsa lintho tseo e sa lokelang ho polotika ka tsona karolo ea tsona, hobane khoebo e ikemetseng ha e imeloa ha hona motho ea ka e imollang.
A re bahoebi ba bang ba joetse likhoebo tsa bona ka lebaka la Lekhetho le holimo e leng se ekelitseng khatello e holimo ea tlhokahalo ea mesebetsi. A re joale ho bohloko ka ho fetisisa ke melata e rekisang joala bo kenang ka likhoroana tsa matsa , ha ho bonahale ho na le likhato tse nkoang.
O re ‘muso oa Lesotho o lokela ho etsa lintho ka melao e seng ho buuoe lipuo tsa sepolotiki kahar’a litaba tse amanang le ho imolla naha boemong bona a ba tlhokahalo ea mesebetsi. O re ho lokela ho bonahale liphatllatso tse tsoang li its’etlehile ka melao e se re khabareng bacha ba ngolisa likhoebo mahala ho se molemo o ba tla u fumana ka tsona.
Lipuo tse sepolotiki li feletsoe ke nako ho bohlokoa hore ‘muso o etse liqeto tse molemong oa kholo le ntlafalo ea moruo ka ‘nete eohle e seng tse phoqang kapa ho koala batho melomo.
