Mohlomphehi Pitso Lesaoana Letona la Tekano, Bacha le Ntšetsopele ea Sechaba ‘mokeng oa Naha ea Lesotho oa tlaleho ea Voluntary National Review (VNR) o hlalositse hore Lesotho le lahleheloa ke menyetla ea kholo le chelete e ngata ho phekola batho ba hlekefelitsoeng, ho tšoara linyeoe le ho hlabolla mahlatsipa a tlhekefetso. O boletse litaba tsena, ka la 10 Phupu monongoaha.
“Re le naha re lahleheloa ke bokamoso, chelete le Bosotho, ka hoo banna ba lokela ho emisa, ba itlhahlobe le ho khaotsa liketso tsena. Tlhekefetso ha se taba ea basali feela, ke koluoa ea sechaba.” Ho rialo Lesaoana.
A bua ipapisitse le tlaleho ea Naha ea Lesotho ea SDGs (Sustainable Development Goals Status Report) ea selemo sa 2024 e hlalosang hore 44% ea basali ba Lesotho e ile ea hlaheloa ke mofuta o mong le o mong oa tlhekefetso bophelong ba eona, e leng karolo e holimo haholo Afrika.
SDG 5.2 eona e hlalosa hore ho felisa mefuta eohle ea tlhekefetso khahlanong le basali le banana, ho tla thusa ntlafalong ea moruo.
Lesotho ha le boemong bo botle ka lebaka la tlhekefetso, e etsetsoang banana le basali ba bangata ba lahleheloang ke menyetla ea thuto, bophelo bo botle le boikarabello sechabeng.
Lebitsong la Letona la Bophelo, Palesa Mashoai h’a bua ka SDGs 3 e buang ka bophelo bo botle le boiketlo ba sechaba, o bontšitse hore Lesotho ho hlokahala ha basali nakong ea pelehi ho theohile ka 54% ho tloha ka selemo sa 2009, e leng letšoao le hlakileng la tsoelo-pele le boikitlaetso bo matla ho ntlafatsa tlhokomelo ea bakhachane le lišebeletso tsa tlhokomelo ea bophelo.
Leha ho le joalo a re bacha ba nang le koakoana-hloko ea HIV ba ntse ba eketseha, ‘me hona ho supa hore ho na le tlhokahalo ea mananeo a totobatsang thibelo le tlhokomelo bakeng sa bacha. A bontša hape hore litšenyehelo tse phahameng tsa tlhokomelo ea bophelo li ntse li eketsa moroalo ho malapa, haholo-holo ha maemo a bophelo a le tlase.
A re malapa a mangata a ntse a tobana le qholotso e kholo ea ho lefella litšebeletso tsa Bophelo, e leng ho boleloang hore litšenyehelo tsa bophelo li feta matla a sechaba.
Letona la Lichelete le Ntšetsopele ea Meralo, Dr. Retšelisitsoe Matlanyane o itse mafapha ohle a sechaba a lokela ho tšoarana ka matsoho ho bona hore meralo ea Nšetsopele ea Moshoelella ea phethahala kaha e le lipehelo tseo linaha li ipehetseng tsona hore tsa be li phethahatsa ka selemo sa 2030, e le hore re be le sechaba se fetohileng le lefaše le ntlafetseng.
O re moruo oa Lesotho o ile oa ameha haholo nakong ea seoa sa COVID-19 moo bofuma bo ileng ba phahama kamor’a tahlehelo ea mesebetsi e mengata ea sechaba haholo e amang basali le bacha. Lesotho le ile la bokella chelete e kaalo ka M700 Millione ho arabela taba ena empa ha ho tlose hore naha e hula ka thata tlhahisong ea mesebetsi ka lebaka la ho angoa ke litefiso tsa 50% tsa Naha ea Amerika ho entseng hore ho fihlela ha joale mesebetsi e 20, 000 e leng 43% e lahlehe lifemeng.
A re 22% ea Basotho e tjametsoe ke bofuma le tlhokahalo ea lijo, leha ho le joalo qholotso e ntse e le tlhokahalo ea mesebetsi e tjametseng bacha ba nang le litsebo le ba se nang tsona. O re ho hong hape ke lipalo tsa tlhekefetso tse phahameng le sekheo sa tlhokahalo ea chelete e ka thusang litabeng tsa phetoho ea leholimo hobane li bakela sechaba bolutu le ho phela kahar’a bofuma ka lebaka la likhohola le mocheso.
