Vinkmag ad

La 18 Phupu 2025

Labohlano

Beke ea 15 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (11:10-12:14)

“Le tla hlaba konyana ka shoalane; etlare ha ke bona mali, ke tla le feta.”

Matsatsi ao, Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pel’a Faro, empa Morena o n’a thạtafalitse pelo ea Faro ea sa kang a lokolla bana ba Israele ho tsoa naheng ea hae.

Morena a bua le Moshe le Aarone, naheng ea Egepeta, a re: Khoeli ena e tla ba ho lona khoeli ea ho qala; e tla ba eona ea pele likhoeling tsa selemo. Bolellang phutheho eohle ea bana ba Israele, le re ho bona: Ka la leshome khoeling ena, e mong le e mong a batlele lelapa la hae konyana, e be konyana e le ‘ngoe tlung e ‘ngoe le e ‘ngoe. Ha eba lelapa le se na palo e lekaneng ho qeta konyana eo, ba tla mema baahisane ba haufi le bona, ho etsa palo e lekaneng ea batho ho e qeta. E ka khona konyana eo e be e se nang sepha, e tona, ea selemo se le seng: le tla khetha konyana kapa potsanyane. Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ena; ‘me le tla e hlaba ka shoalane, ha phutheho eohle ea bana ba Israele e bokane hammoho. Ba tla nka mali a eona, ‘me ka ‘ona ba tlotse likosene tse peli tse ka thoko le tse ka holimo ho monyako, matlung ao e tla jeloa ho ‘ona. Bosiung bona boo, ba tla ja nama ea eona e besitsoe, hammoho le mahobe a sa lomosoang le meroho ea naha.

Le se ke la e ja e sa butsoa; le se ke la e hlaliea ka metsi, e mpa e besoe mollong, hloho, le maoto, le likahare tsa eona. Le se ke la its’iela letho la eona hosasane, ‘me ho ka salang ha eona hosasane, le ho chese mollong.

 Le tla e ja ka mokhoa ona: Le tla itlama matheka, le roale meqathatso maotong, le ts’oare lere letsohong, ‘me le e je ka potlako; hobane ke Paseka bakeng la Molimo. Bosiung bona boo, ke tla haola Naha ea Egepeta, ke otle matsibolo kaofela naheng ea Egepeta, leha e le a batho kapa a liphoofolo. ‘Na Morena ke tla ahlola melimo eohle ea Egepeta. Mali matlung a lona e tla ba ponts’o ea boteng ba lona. Etlare ha ke bona mali, ke tla le feta, ‘me lona le tla phonyoha lefung le timetsang ha ke otla Naha ea Egepeta. Le tla etsa khopotso ea letsatsi lena; le tla etsa mokete oa lona, le ketekele Morena. Melokong eohle ea lona e be mokete oa molao kamehla.

PESALEMA 115

KE TLA NYEHELA SENOELO SA PHOLOHO, KE RAPELE LEBITSO LA MORENA.

Ke tla buseletsa Morena joang

bakeng la tsohle tseo a nthusitseng ka tsona?

Ke tla nyehela senoelo sa pholoho,

ke rapele lebitso la Morena.

KE TLA NYEHELA SENOELO SA PHOLOHO, KE RAPELE LEBITSO LA MORENA.

Lefu la metsoalle ea Morena

ke ntho ea bohlokoa mahlong a hae.

Ke mohlanka ua hau, Morena, ke mohlanka ua hau ruri,

U ntokolotse litlamong tsa ka.

KE TLA NYEHELA SENOELO SA PHOLOHO, KE RAPELE LEBITSO LA MORENA.

Ke tla u nyehela sehlabelo sa teboho,

ke rapele lebitso la Morena.

Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,

pel’a sechaba sohle sa hae.

KE TLA NYEHELA SENOELO SA PHOLOHO, KE RAPELE LEBITSO LA MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (12:1-8)

“Mor’a motho ke morena oa Sabbatha.”

Ka nako eo Jesu a tsamaea har’a masimo a koro ka Sabbatha. Ka ha barutuoa ba hae ba ne ba lapile, ba qala ho kha liqoapi, ba ja. Eare ha Bafarisi ba ba bona, ba re ho eena: Bona, barutuoa ba hau ba etsa se sa lumelloang ka Sabbatha!

Empa eena a re ho bona: Na ha le e-s’o bale seo Davida a neng a se etse ha a lapile ‘moho le bao a neng a e-na le bona? Kamoo a neng a kene ka tlung ea Molimo kateng, ba ba ba ja mahobe a nyehelo, e leng seo eena, leha e le balekane ba hae, ba neng ba se na tokelo ea ho se ja, se lokela ho jeoa ke baprista feela?

Kapa na ha le e-s’o bale Molaong hore baprista ba roba molao oa Sabbatha, tempeleng, ka letsatsi la Sabbatha, empa ba hloke molato? Joale kea le bolella ke re: ho teng mona ho fetang tempele ka boholo. Hoja le ne le tsebile hore na ke ho re’ng ha ho thoe: Hoo ke ho batlang ke mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tsoa ba hlokang molato; hobane Mor’a motho ke morena oa Sabbatha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Phupu 2025

Read Next

 ‘Muso o fanyehe lekhetho la joala

Most Popular