Vinkmag ad

La 16 Phupu 2025

Laboraro

Beke ea 15 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (3:1-6.9-12)

“Molimo a bitsa Moshe a le har’a sehlahla se tukang.”

Matsatsing ao, Moshe o n’a alosa likhutšoane tsa Jethro mohoe oa hae, moprista oa Midiane. A isa mohlape ka nq’ane ho lefeella, `me a fihla thabeng ea Molimo, Horebe. Eaba lenyeloi la Morena le iponahatsa ho eena, lelakabeng la mollo, le har’a sehlahla. Ha Moshe a talima, a bona sehlahla se tuka ke mollo, empa se sa lorele. Moshe a re: A nke ke pote le mane, ke bone pono ena e makatsang, le hore na ke ka baka la’ng ha sehlahla se sa che.

Ha Morena a bona hore o pota le moo ho tla sheba, Molimo a ‘mitsa a le har’a sehlahla, a re: Moshe, Moshe! Eena a re: Ke ‘na enoa. A re: U se ke ua atamela mona. Rola meqathatso ea hau, hobane qalo eo u emeng ho eona ke mobu o halalelang. A eketsa, a re: Ke ‘na Molimo oa ntat’ao, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo. Eaba Moshe o ipata sefahleho, hobane a tšaba ho talima Molimo.

Joale, ke mona mohoo oa bana ba Israele o fihlile ho ‘na, ebile ke bone le kamoo Ba-Egepeta ba ba tubang kateng. Joale tloho ke u rome ho Faro, e le hore u ntše sechaba sa ka, bana ba Israele, Egepeta. Moshe a re ho Molimo: Ke le mang, nka eang ho Faro, ho ntša bana ba Israele Egepeta?

A re: Ke tla ba le uena, ‘me ho uena pontšo ea hore ke ‘na ea u romang, e tla ba ena: Mohla o ntšang sechaba Egepeta, le tla sebeletsa Molimo holim’a thaba eona ena.

PESALEMA 102

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Boka Morena, moea oa ka, ka matla ‘ohle a hau,

u boke lebitso le halalelang la hae.

Boka Morena, moea oa ka,

u se ke ua lebala melemo eohle ea hae.

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Ke eena ea tšoarelang melato eohle ea hau,

ea folisang maloetse ‘ohle a hau;

o pholosa bophelo ba hau lebitleng,

o u roesa mohau le mosa se-ka-tlokola.

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Morena o sebetsa ka ho loka,

o ahlolela bohle ba tlatlapuoang.

O senoletse Moshe litsela tsa hae,

le bana ba Israele liketso tsa hae.

MORENA O MOSA, O LEREKO

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (11:25-27)

“U li patetse ba bohlale le ba seli ‘me u li senoletse bana.”

Ka nako eo Jesu a bua joana: Kea u leboha, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, hobane litaba tsena u li patetse ba bohlale le ba seli ‘me u li senoletse bana. E, Ntate, hobane hona e bile boithatelo ba hau.

Tsohle ke li nehiloe ke Ntate. Ha ho ea tsebang Mora, ha e se Ntate; ‘me ha ho ea tsebang Ntate, ha e se Mora le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Phupu 2025

Read Next

La 17 Phupu 2025

Most Popular