Vinkmag ad

La 12 Phupu 2025

Labotšelela

Beke ea 14 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Genese. (49:29-32;50:15-24)

“Molimo a ke ke a fosa ho le etela, ho le ntša naheng ena.”

Matsatsing ao, Jakobo a laela bara ba hae a re: ‘Na, ke tla kopangoa le ba heso. Le tle le mpate le bo ntate, lehaheng le tšimong ea Efrone, mo-Hethe; lehaheng le tšimong ea Makpela, malebana le Mamre, naheng ea Kanaana, lehaheng leo Abrahama a le rekileng hammoho le tšimo ho Efrone, Mo-Hethe, e tle e be setša sa hae sa mabitla.

Ke moo Abrahama le Sara, mohats’a hae, ba patiloeng teng; ke moo Isaaka le Rebeka, mohats’a hae, ba patiloeng teng; ke moo Lea a patiloeng teng. Tšimo le lehaha le ho eona li rekiloe ho bana ba Hethe. Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae a busetsa maoto a hae liphateng, a nehela moea, a orohela sechabeng sa habo.

Eare ha bana babo Josefa ba bona hore ntat’a bona o shoele, ba re: E ka ‘na ba Josefa o tla re hloea, a iphetetse ho rona bakeng la bobe bohle boo re ileng ra mo etsetsa bona.

Eaba ba romella ho Josefa, ba re: Pele ho lefu la hae, Ntat’ao o kile a re laela, a re: Le tle le bue le Josefa joana: Ak’u tšoarele bana beno molato oa bona le sebe sa bona sa mohla ba u etsang hampe! ‘Me joale, rea u rapela u tšoarele bahlanka ba Molimo oa ntat’ao molato oa bona. Josefa a lla, h’a utloa polelo ea bona.

Bana babo ba itlisa ka seqo, ba itihela ka pele ho eena, ba re: Ke rona bana, re makhoba a hau. Empa Josefa a re ho bona: Le se ke la tšoha! Na nka hla ka ipeha sebakeng sa Molimo? Lona, le ne le rerile ho nketsa hampe, athe Molimo o rerile ho fetola bobe botle, e le hore a phethe se hlahileng kajeno lena, ho pholosa sechaba se se ngata. ‘Me joale le se tšabe, ke ‘na ea tla le fepa, lona le bana ba lona. A ba tšelisa, a bua le bona ka mosa.

Josefa a aha Egepeta, eena le ba ntlo ea ntat’ae: a phela lilemo tse lekholo le leshome. Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro. Le bona bara ba Makire, mor’a Manasse, ba tsoalloa mangoleng a Josefa.

Qetellong Josefa a re ho bana babo: Ke se ke tla shoa, empa Molimo a ke ke a fosa ho le etela, ho le ntša naheng ena, le ho le isa naheng eo a baletseng Abrahama, Isaaka, le Jakobo, ka kano hore o tla ba neha eona.

PESALEMA 104

LONA BA HLOPHEHILENG BATLANG MORENA ‘ME LE TLA PHELA.

Bokang Morena, rapelang lebitso la hae,

le tumise liketso tsa hae lichabeng.

Mo bineleng, le mo roke,

le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.

LONA BA HLOPHEHILENG BATLANG MORENA ‘ME LE TLA PHELA

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,

lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.

Batlang Morena le matla a hae,

thahasellang sefahleho sa hae ho se khaotso.

LONA BA HLOPHEHILENG BATLANG MORENA ‘ME LE TLA PHELA

Lona, lesika la Abrahama, mohlanka oa hae,

lona, bana ba Jakobo, mokhethuoa oa hae.

Ke eena Morena, Molimo oa rona,

likahlolo tsa hae li aparela lefatše.

LONA BA HLOPHEHILENG BATLANG MORENA ‘ME LE TLA PHELA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10:24-33)

“Se tšabeng ba bolaeang ‘mele.”

Ka nako eo, Jesu a re ho baapostola ba hae: Morutuoa ha a fete moruti oa hae, le mohlanka ha a fete mong’a hae. Ho lekane ha morutuoa a tšoana le moruti oa hae le mohlanka a tšoana le mong’a hae. Ha esitana ba bitsitse mong’a ntlo Beelzebule, ba tla reng ka ba ntlo ea hae!

Ha ho le joalo, le se ke la ba tšaba; hobane ha ho letho le koahetsoeng le ke keng la koaholloa, leha e le le patehileng le ke keng la tsejoa. Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseling; ‘me seo le se utloang le se nyenyeletsoa tsebeng, le se phatlalatse le le marulelong a matlo. Se tšabeng ba bolaeang ‘mele, empa ba sitoa ho bolaea moea; le mpe le tšabe Ea nang le matla a ho timetsa moea hammoho le ‘mele liheleng.

Ana lirobele tse peli ha li rekisoe sente na? Athe ho ke ke ha oela fatše leha se le seng ho tsona ntle le Ntat’a lona. Esita le liqoba tsa moriri oa hloho tsa lona li baliloe kaofela. Ha ho le joalo, le se ke la tšoha: lona ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.

Ha ho le joalo, mang le mang ea tla mpaka pel’a batho, le ‘na ke tla mo paka pel’a Ntate ea maholimong. Athe mang le mang ea tla ntatola pel’a batho, le ‘na ke tla mo latola pel’a Ntate ea maholimong.

Vinkmag ad

Read Previous

Bacha ba phathahanya ‘muso

Read Next

‘Mamohau e ntša setlabolane

Most Popular