Vinkmag ad

Bacha ba phathahanya ‘muso

Motlatsi oa Mookameli oa Bacha ba Lekhotla la Puso ea Sechaba (DC) Lebohang Ntsau, o re ba ikemiselitse ho bona hore ‘muso o etsa se nepahetseng sebakeng sa bacha, ka hoo ba tla lula ba o behile rifi molaleng ho bona hore ho ananeloa mocha e mong le e mong litabeng tse ba amang ho se khethollo ea lipolotiki. O boletse litaba tsena, puisanong le Koranta ka la 7 Phupu monongoaha, nakong eo a thoholetsang ‘Muso oa Lesotho ka ho phatlalatsa tlhokahalo ea mesebetsi ho bacha e le qomatsi.

O itse ba khotsofetse hobane seo ba neng ba se hloka ke hore taba ena e phatlalatsoe ho be le tokomane ea molao e tla tlama hore ba amehang ba sebetse ba ipapisitse le lipehelo tsa ona. A re ho tl’o ba bonolo ho bona ho ba lelekisa le ho bona hore tokomane eo e kena ts’ebetsong ho thusa ntlafalong ea mosebetsi oa bona.

A re ba tl’o sebetsa ka thata ho bona hore bacha b’a ananeloa, ‘me taba eo e tl’o tsamaisoa ke bona e le bacha ho bona hore e’a sebetsoa e phethahale ho sa natsoe boemo ba bona ba lipolotioki, hape le batho ba nang le bokooa ba kenelle. A re taba ena e tlo ba mahlong a bona le ho bona hore tsohle li’a phethahala, molemong oa kholo ea bacha ba naha ena.

O re leha ‘muso o bua ka litaba tsa khoebo ha se bacha bohle ba ratang hore ba be khoebong empa ho lokela ho be le bareki, ka lebaka lena makala a tlameha ho etsa linyehlisetso ho hiroe bacha molemong oa hore ba sebetse, likhoebo tse thehiloeng li be le bareki. A re ba tl’o sebetsa ka matla ho bona hore lintlha tsohle li ngoloa ka nepo le litlaleho li’a fanoa, ho latela molao o tsamaisang Setsi sa Thibelo ea Likoluoa (DMA) hore ho be le ponaletso eseng boiqapelo.

O phethetse ka hore ho lokela ho bonahale mats’oao a mangata a supang phethahalo litabeng tsa sechaba, ka hona ha b’a lebella ho bona e sebetsa e le boiketo ba mokha o pusong oa lipolotiki empa e be taba ea sechaba e anelang bohle.  

E mong oa Bacha Shutdown Molise Rasello, o hlalositse ba khotsofetse kaha e le lekhetlo la pele ‘muso o ba kenyeleletsa bacha litabeng tse ba amang, ‘me ho tloha mona ho ea pele ba ke ke ba ba sihella morao. A re ba ne ba lokela ho bona molao o hlahella e le hore lichelete li tle li abeloe meralo e nepahetseng ‘me ba tla sebetsa ‘moho le ‘muso ho bona hore litaba tsa bona li’a sebetsoa.

O re tebello ke hore ka mekhahlelong eohle ea DMA ho hiroe bacha, ba bule likhoebo le bacha bohle ba neng ba laba-labela ho kena temong ba kene ho be le mokhoa o bonolo oa hore ba fumane chelete. Hape a re ba lumelloe ho sebelisa mobu ntle le lipehelo eleng seo ba neng ba sitoa ho sebetsa ka lebaka la sona. O re ba rata hore ka selemo sa 2027 ho be ho e-na le bacha ba sebetsang, masimo ohle a lenngoe le litsela li etsoe ka matla kahar’a metse ho hirioe batho ha bonolo.

 A tsoelapele hore ‘muso o ke o tlohele litaba tsa ho sebetsana le lithentara, chelete e ke e isoe sechabeng le mesebetsi eohle e isoe sechabeng, ‘me ‘muso o ikarabelle e le ho qoba hore batho ba lefshoe litsiane tse nyenyane.  A re ba kopile hore ‘muso o ke o hire bacha ho fihlela ho lilemo tse 45 kaha e le bona ba ts’oereng boikarabello bo boholo, b’a ts’epa hore taba eo e tla hlahlojoa e sebetsoe.

Rasello o re ba loants’a ka matla khiro ea sepolotiki le ho leka ka hohle ho bona hore bacha bohle ba una molemo litabeng tse ba amang, ba tla bona hore litaba tsohle tsa bacha li eloa hloko ka mekhahlelo eohle ea bona ho se khethollo.

Litaba tsena li latela hore Motlatsi oa Tona-Kholo, Justice Nthomeng Majara a phatlalalitse gazette ea ‘muso e hlalosang tlhokahalo ea mesebetsi le tahlehelo ea mesebetsi bacheng  ele qomatsi, kaha e ama bophelo ba sechaba, ka la 7 Phupu monongoaha. Phatlalatso ena e keneng ts’ebetsong ho tloha ka la 7 Phupu monongoaha, e tla fihla pheletsoang ka la 30 Phupu 2027.

Vinkmag ad

Read Previous

RSL e’a inolofaletsa

Read Next

La 12 Phupu 2025

Most Popular