Vinkmag ad

DBAL e’a ananeloa

Ke hlahile ke tšoana le batho bohle empa bokooa ba mphumana tseleng, ka hona ke khothaletsa hore motho e mong le e mong a inke a e-na le bokooa hobane seo se tla mo thusa ho ikamohela nakong eo a tobanang le liqholotso tsa bophelo. Litaba tsena li boletsoe ke Patso Sekhonyana, moahi oa Ha Masana, moketeng oa thakholo ea Mokhatlo oa Batho ba nang le Bokooa ba Pono le Puo (DBAL) ka la 1 Phupu monongoaha.

 Sekhonyana ea lilemo li 80 o itse a ne a sebetsa merafong moo a neng a oeloe ke tafole eaba o ameha kutlo, eare a se a tlohetse mosebetsi oo a fumana kotsi ea koloi moo a neng a be le maqeba a mabe, moo a neng a amehe pono ‘me lingaka tsa mo bolella hore a ke ke a hlola a bona ho hang. O re ho tloha ka nako eo o phela ka thata hobane le batho ba bang ba nka monyetla ka ho hloka pono ha hae.

 Mothehi oa DBAL Likopo Mokhoromeng o hlalositse hore mokhatlo ona ke lekhatlo la pele o ba teng kahar’a naha, hobane ho ile ha bonahala qholotso ea hore ha leeto le ntse le tsamaea ho se ho e-na le batho ba nang le bokooa ba pono le puo ‘me taba ena e bile bolutu ba nako e telele.

 O re o ile a ikeletsa ho theha mokhatlo e le hore le litokelo tsa mofuta oo oa batho li tsebe ho eloa hloko naha ka bophara, le hore batho ba elelloe hore ehlile ke qholotso hore batho ba be le bokooa ba mefuta e ‘meli ka nako e le ’ngoe. O re batho bohle ba lokela ho hlonepha litokelo tsa batho ba nang le bokooa le ho ela hloko hore ke karolo ea sechaba e lokelang ho fuoa menyetla e tšoanang le ea batho bohle joaloka mesebetsi.

Keketso Mangope ho hlaha Mokhatlong oa Batho ba nang le Bokooa ba Pono (LNIVIP) o bontšitse ha mokhatlo ona o tl’o ba thusa hore litokelo tsa mekhahlelo eohle ea batho ba nang le bokooa li hlokomele. O re ho na le batho ba nang le bokooa ba pono ba sa boneng ho hang, ba bang ba kopana le bona tseleng ebe ba qetella le ho bua ba sa khone ho bua. A re ba tl’o fana ka tšehetso ho mokhatlo ona, ‘me hoo ho tla thusa hore ha ba tsamaisana leeto ‘moho litokelo tsa batho ba nang le bokooa li elelloe le hore lentsoe la bona le tla ba toma.

 Mookameli oa Lekhotla la ba nang le Bokooa Nkhasi Sefuthi o thoholelitse mokhatlo ona ka le reng o tl’o matlafatsa lentsoe la bona ebe ba tseba ho shebela litaba ‘moho ho thusa hore qetellong e le batho ba nang le bokooa ba phele ka bolokolohi. A re lekhotla leo le se le qalile tšebetso ‘me morero o moholo oa lona ke ho matlafatsa litaba tsa melao, litokelo le ho bona hore batho ba nang le bokooa ba kenyelletsoa liqetong tse kholo.

O re ba boetse ba tl’o sebetsana le boiketlo ba batho ba nang le bokooa le ho bona hore ho etsoa boithuto ka mekhoa e fapakaneng ka litaba tsa batho ba nang le bokooa.

Thakholo ea mokhatlo e ne e kenyeletsa ketekelo ea Letsatsi la Machaba le hloailoeng e le la ho keteka litokelo tsa batho ba nang le bokooa ba pono le kutlo, ka la 27 Phupjane monongoaha. Ha Lesotho le ketekiloe ka la 1 Phupu monongoaha tlasa mooho o reng “tšoara ea nang le bokooa ka puisano ka tšebeliso ea puo ea matsoho.”

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Phupu 2025

Read Next

Young Oblates e’a itlhahloba

Most Popular