Vinkmag ad

La 1 Phupu 2025

Labobeli

Beke ea 14 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Genese. (19:15-29)

“Morena a nesa holim’a Sodoma le Gomorrha mollo le sebabole.”

Matsatsing ao, manyeloi a potlakisa Lota, a re: Tsoha, u tsamaee le mosali oa hau, le barali ba hau ba babeli ba teng mona, esere ua timela kotlong ea motse oa Sodoma. Eare a sa lika-lika, banna bao ba mo tšoara ka letsoho, ‘moho le mosali oa hae le barali ba hae ba babeli, hobane Morena o n’a mo hauhetse. Ba mo ntšetsa ka ntle ho motse, ba mo tlohela teng.

Ha ba ntse ba mo ntšetsa kantle, e mong oa bona a re: Baleha, u ipholose, u se hetle morao; u se ke ua ema kae kapa kae tikolohong ena; balehela thabeng, esere ua timela.

Lota a re ho bona: Ho se be joalo monghali, kea u rapela. Mohlanka oa hau o fumane mohau mahlong a hau, ‘me u bile mosa haholo ka ho pholosa bophelo ba ka. Empa ‘na ke tla sitoa ho fihla thabeng, pele kotsi e ka nkoela holimo, ‘me ka shoa. Motse oane o haufi, hoo nka fihlang ho ona; ebile o monyenyane. Ere ke balehele teng ke tle ke phele. Ha ke re o monyenyane?

A re ho eena: Le tabeng ena kea u lumella. Ha ke na ho felisa motse oo u buang ka oona. Phakisa u balehele teng, hobane ke sitoa ho etsa letho, u e-s’o fihle teng. Ka baka leo motse oo o rehiloe lebitso la Tsoare.

Letsatsi le ne le sa tsoa chaba, ha Lota a kena Tsoare. Eaba Morena o nesa holim’a Sodoma le Gomorrha mollo le sebabole, tse tsoang ho Morena maholimong. A felisa metse eo, le tikoloho eohle ea eona, ‘moho le bohle ba ahileng metseng eo, esita le tse melisoang ke mobu. Empa mosali oa Lota a hetla morao, ‘me a fetoha seemahale sa letsoai.

E sa le hosasa, Abrahama a ea qalong eo a neng a eme pel’a Morena ho eona. A isa mahlo nq’a Sodoma le Gomorrha, le naheng eohle e tikolohong eo, a bona mosi o kubella fatše joaloka mosi oa sebopi. Ke ka mokhoa ona ha Molimo a timetsa metse ea tikoloho eo, a ileng a hopola Abrahama, ‘me a pholosa Lota koluoeng eo: ha e le metse eo Lota a neng a ahile ho eona, Molimo a e felisa.

PESALEMA 25

MOHAU UA HAU, MORENA, O KA PEL’A MAHLO A KA.

Ak’u ntlhahlobe, Morena, ‘me u ‘nonye,

u mphenye pelo le maikutlo.

Efela mohau ua hau o ka pel’a mahlo a ka,

‘me ‘nete ea hau ea ntataisa.

MOHAU UA HAU, MORENA, O KA PEL’A MAHLO A KA

U se ke ua nkukella le baetsalibe,

leha e le ho nkamoha bophelo ‘moho le babolai,

bao matsoho a bona a khenathetseng bolotsana,

le liatla tsa bona li khakelelitseng lithelo.

 MOHAU UA HAU, MORENA, O KA PEL’A MAHLO A KA

Ha e le ‘na, metsamao ea ka ha e na koli,

ntopolle ‘me u nkhauhele.

Maoto a ka a eme sebataolong,

ke tla u boka, Morena, liphuthehong.

MOHAU UA HAU, MORENA, O KA PEL’A MAHLO A KA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8:23-27)

 “A khalemela meea le leoatle, ‘me ha e-ba khutso e kholo.”

Ka nako eo, ha Jesu a kena sekepaneng, barutuoa ba hae ba mo latela. Joale, ha tsoha sefefo se seholo leoatleng, hoo sekepana se neng se koaheloa ke maqhubu; ha e le eena, o ne a robetse. Barutuoa ba hae ba atamela ho eena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose, rea timela! Jesu a re ho bona: Ke’ng ha le le boi tjee, lona ba tumelo e fokolang?

Eaba oa ema, o khalemela meea le leoatle, ‘me ha e-ba le khutso e kholo. Joale batho bao ba makala, ba re: Enoa ke ea joang, ha e le moo meea le leoatle le tsona li mo mamela?

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Phupjane 2025

Read Next

La 2 Phupu 2025

Most Popular