Vinkmag ad

La 28 Phupjane 2025

Beke ea 12 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Genese. (18:1-15)

“Ha ho na ntho e ka sitang Molimo! Ke tla u etela hape, ‘me Sara o tla ba a e-na le mora.”

Matsatsing ao, Morena a iponahatsa ho Abrahama lieikeng tsa Mamre. Abrahama o n’a lutse monyako oa tente, motšeare, ho chesa. A phahamisa mahlo, a bona banna ba bararo, ba eme pel’a hae. Ha a ba bona, a tloha monyako oa tente, a matha ho ba khahlanyetsa. A itihela fatše, a re: Moren’a ka, ha eba ke bone mohau mahlong a hau, u se ke ua feta mohlanka oa hau feela. Ha ho ke ho tlisoe metsinyana, le tle le hlatsoe maoto a lona, ‘me le ikotlolle tlas’a fate sena. Ke sa il’o le latela sengoathoana sa bohobe, le ke le imatlafatse pele le feta; hobane ke ka baka lena le fapohetseng mohlanka oa lona. Ba re: Etsa joaloka ha u bolela.

Abrahama a potlakela tenteng ho Sara, a re: Phakisa, u nke litekanyo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, u e lube, u etse liphaphatha. Abrahama a mathela mohlapeng, a khetha namane e nama li bonojoana, li monate; a e neha mohlanka, hore a phakise a e lokise. A nka mafi, le lebese, le namane e phehiloeng, a li beha pel’a bona. Ha e le eena o n’a ikemetse pel’a bona tlas’a sefate, ha ba ntse ba e-ja.

Eaba ba re ho eena: Sara, mohats’a hau, o kae? A re: O ka tenteng. Moeti a re: Ke tla u etela hape isao; ‘me nakong eo Sara, mosali oa hau o tla ba a e-na le mora. Sara o n’a mametse a le monyako oa tente, kamor’a hae. Abrahama le Sara ba ne se ba tsofetse, ba se ba ile lilemong; ‘me Sara o n’a s’a sa ee matsatsing. Sara a tšehela ka hare, a re: Ha ke se ke felile tjee, nka hla ka hlaheloa ke takatso! Etsoe le mong’a ka e le mobu. Eaba Morena o re ho Abrahama: Ke ka baka la’ng Sara a tšeha, a re: Na ke ‘nete ke tla beleha, ke se ke tsofetse tjee? Na ho na le ntho e ka sitang Morena? Ka eona nako ena isao ke tla u etela hape, ‘me Sara o tla ba a e-na le mora. Sara a latola, a re: Ha kea ka ka tšeha. Hobane o n’a tšohile. Empa Morena a re: Kannete, u ile ua tšeha.

PESALEMA Luk 46-50.53-55

MORENA H’A LEBALE HO PAKA MOHAU OA HAE.

Pelo ea ka e tlotlisa Morena,

moea oa ka o thabetse Molimo Mopholosi oa ka,

hobane Ea matla-‘ohle o nketselitse tse kholo.

Lebitso la hae lea halalela.

MORENA H’A LEBALE HO PAKA MOHAU OA HAE.

Mohau oa hae o aparela ba mo tšabang,

ka meloko le meloko.

Ba lapileng o ba khorisitse tse molemo,

ba ruileng o ba tebetse ba se na letho.

MORENA H’A LEBALE HO PAKA MOHAU OA HAE.

O thusitse Israele, mohlanka oa hae,

a sa lebale ho paka mohau oa hae,

joaloka ha a n’a baletse bo-ntat’a rona,

Abrahama le litloholo tsa hae kamehla eohle.

MORENA H’A LEBALE HO PAKA MOHAU OA HAE.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8:5-17)

“Ba bangata ba tla tsoa Bochabela le Bophirimela, ba be lijong le Abrahama, Isaaka le Jakobo.”

Ka nako eo, hoba Jesu a kene Kafarnauma, molaoli e mong oa lekholo a tla ho eena, a mo rapela, a re: Morena, mohlanka oa ka o liphateng ka tlung ea ka ke ho omella litho, ‘me o opeloa haholo. Jesu a re ho eena: Ke tla tla mo folisa.

Molaoli oa lekholo a fetola, a re: Morena, ha ke tšoanele hore u kene ka tlung ea ka; u mpe u laela feela, ‘me mohlanka o tla fola. Hobane leha ke le motho ea tlas’a taolo, le ‘na ke na le masole a tlas’a ka, ‘me ha ke re ho lena: “e-ea”, le ee le ee, le ho le leng: “tloho,” le ee le tle, le ho mohlanka oa ka, “etsa tjena,” o’a etse.

Ha Jesu a mo utloa, a makala, a re ho bạ mo latetseng: Ruri kea le bolella, ha ke e-s’o ka ke fumana tumelo e kana ho mang kapa mang Israeleng. Joale ke a le bolella: ba bangata ba tla tsoa Bochabela le Bophirimela, ba be lijong le Abrahama, Isaaka le Jakobo, ‘Musong oa maholimo. Ha e le bana ba ‘Muso, ba tla lahleloa kantle lefifing; moo ho tla ba le seboko le litsikitlano tsa meno.

Eaba o re ho molaoli oa lekholo; Ikele, u etsetsoe joaloka ha u lumetse. ‘Me mohlanka a fola ka oona motsotso oo.

Ha Jesu a kena ha Peterosi, a bona mohoehali oa hae a le liphateng a tšoeroe ke feberu. A mo ama letsoho, feberu ea mo tlohela, a tsoha, a nt’o sebeletsa Jesu. Eare ha e se e le mantsiboea, ha tlisoa ho Jesu ba bangata ba tšoenngoang ke bademone. Eaba o leleka meea eo ka lentsoe la hae ‘me a folisa bakuli bohle; hore ho tle ho phethahale se neng se ile sa boleloa ke moprofeta Isaia, ha a re: O inketse mefokolo ea rona, a itjarisa maloetse a rona.

Vinkmag ad

Read Previous

T.Connect-Ls e theha mesebetsi

Read Next

La 30 Phupjane 2025

Most Popular