Vinkmag ad

La 24 Phupjane 2025

MOKETE O MOHOLO OA TSOALO EA JOANNES MOHLATSOI EA HALALELANG

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (49:1-6)

“Ke tla u etsa leseli la lichaba, pholoho ea ka e tle e fihlele lipheletso tsa lefatše.”

Lona lihleke-hleke, ‘mameleng; le thehe tsebe, lona merabe e hole-hole! Morena o mpitsitse ho tloha ha ke hlaha, a ntseba ka lebitso ke sa le popelong ea ‘m’e. O nehile molomo oa ka bohale ba sabole, a ntšireletsa ka moriti oa letsoho la hae. O nteolitse joaloka motsu oa seqha, a mpata khohlopong ea hae.

A re ho ‘na: “U mohlanka oa ka, uena Israele, eo ke tla ithorisa ka eena.” Ha e le ‘na ka re: “Ke sebelelitse lelea, ke qetile matla a ka feela, ho se thuso ea letho.” Leha ho le joalo, ke tla phetetsoa ke Morena ke putsoe ke Molimo oa ka. Ke lokeloa ke tlhompho pontšeng ea Morena, Molimo oa ka ke matla a ka.

Joale Morena o buile, eena ea nkoetlisitseng ke sa le popelong ea ‘m’e, hore ke be mohlanka oa hae, ke tle ke khutlisetse Jakobo ho eena, Israele a phuthehele ho eena. A re: “Ha hoa lekana ho uena, u le mohlanka oa ka, ho tsosa meloko ea Jakobo le ho khutlisa ba phonyohileng ba Israele. Ke tla u etsa leseli la lichaba, pholoho ea ka e tle e fihlele lipheletso tsa lefatše.”

Pesalema 138

KEA U BOKA KA BAKA LA LIMAKATSO TSA HAU.

Morena, u ntlhahlobile ‘me ua ntseba,

u tseba leha ke lutse kapa ke eme,

u bona mehopolo ea ka.

U lekantse linako tsa ka tsa ho tsamaea le ho phomola,

o tsebisisa litsela tsohle tsa ka.

KEA U BOKA KA BAKA LA LIMAKATSO TSA HAU.

Ke uena ea bopileng litho tsa bokahare ba ka,

ua li kopanya ke sa le popelong ea ‘m’e.

Kea u boka ka limakatso tsa hau,

mesebetsi ea hau ea tsoteha.

KEA U BOKA KA BAKA LA LIMAKATSO TSA HAU.

U tsebile moea oa ka ka ho tlala,

masapo a ka ha a ka a pateha ho uena,

ha ke ne ke ntse ke boptjoa sephiring,

ke ahuoa litho botebong ba lefatše.

KEA U BOKA KA BAKA LA LIMAKATSO TSA HAU.

 

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (13:22-26)

“Pele Jesu a e-tla Joannes o ile a ruta sechaba.”

Matsatsing ao, Paulosi a re: Lesikeng la Davida Molimo o hlahiselitse Israele mopholosi e leng Jesu, ka ho ea ka pallo ea hae. Pele Jesu a e-tla, Joannes o ile a ruta sechaba sohle sa Israele tlhatsuo e bontšang pako.

Eitse ha Joannes a atamela pheletso ea bophelo ba hae, a re: Ha ke eo le hopolang hore ke eena: empa kamorao ho ‘na ho tla tla eo ke sa tšoaneleng ho mo lokolla meqathatso maotong.

Banna ba heso, lona ba leloko la Abrahama, le lona bohle ba leng teng mona ba tšabang Molimo, ke ho lona molaetsa ona oa pholoho o rometsoeng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng Luka.  (1:57-66.80)

“Joannes ke lebitso la hae.”

Nako ea Elisabetha ea ho itšihlolla ha e se e fihlile, a beleha mora. Baahisane le bang ka eena, ha ba utloa hore Morena o bonahalitse mohau oa hae ho eena, ba tla ho mo lebohela.

Ha etsahala hore, ka letsatsi la boroba meno e ‘meli, ba tle ho tla bolotsa ngoana. Ba ne ba batla ho mo rehella ka ntat’ae Zakaria. Empa ‘m’ae a araba, a re: Che! O tla bitsoa Joannes. Ba re ho eena: Ha ho motho lelokong la heno ea bitsoang joalo.

Eaba ba tšoantšetsa ntat’ae hore na a ka rata hore a bitsoe mang. Eena a kopa letlapa, a ngola, a re: Joannes ke lebitso la hae! ‘Me bohle ba makala.

Hang molomo oa hae oa buleha, leleme la hae la lokoloha, ‘me o n’a bua, a boka Molimo. Ke moo baahisane bohle ba ileng ba tšoaroa ke tšabo, ‘me litaba tseo kaofela tsa phatlalla hohle maloting a Judea. Bohle ba neng ba li utloa ba ipolokela tsona ka lipelong tsa bona, ba re: Ekaba ngoana eo e tla ba eng na? Efela letsoho la Morena le ne le le ho eena.

‘Me ngoana o n’a hola, a matlafala moeeng; ‘me o n’a lula lefelleng ho fihlela letsatsi la tlhahiso ea hae ho Israele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 Phupjane 2025

Read Next

La 25 Phupjane 2025

Most Popular