Beke ea 12 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Genese. (12:1-9)
“Abrame a falla, ho ea kamoo Morena a mo laetseng kateng.”
Matsatsing ao, Morena a re ho Abrame: Tloha lefatšeng la heno, lelokong la heno, le tlung ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona. Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ‘me ke tla tumisa lebitso la hau, hoo batho ba tlang ho hlohonolofatsoa ka lona. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke rohake ba u rohakang ‘me merabe eohle ea lefatše e tla hlohonofala ka uena.
Eaba Abrame o’a falla, ho ea kamoo Morena a mo laetseng kateng; le Lota a falla le eena. Ha Abrame a tloha Harane, lilemo tsa hae li ne li le mashome a supileng a metso e mehlano. Abrame a tsamaea le Sarai, mosali oa hae, le Lota, mor’a moen’ae, le leruo lohle leo ba neng ba le bokeletse, le batho ba neng ba ba sebeletsa Harane. Ba tloha ho ea naheng ea Kanana, ba ba ba fihla teng.
Abrame a haola naha ho ea fihla qalong e bitsoang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Mehleng eo Ba-Kanana ba ne ba ahile naheng eo, Morena a iponahatsa ho Abrame a, re: Naha ena ke tla e neha lesika la hau. Abrame a ahela Morena ea iponahalitseng ho eena aletare hona teng. A ba a fetela thabeng e ka Bochabela ho Bethele, ‘me a hloma tente ea hae, Bethele e le ka Bophirimela, Ai e le ka Bochabela. Le teng a ahela Morena aletare, ‘me a rapela lebitso la hae. Abrame a tloha, a leba nq’a Negebe.
PESALEMA 32
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.
Ho lehlohonolo sechaba
seo Morena e leng Molimo oa sona,
seo a ikhethetseng sona ho ba lefa la hae.
Morena o talima a le maholimong,
o bona bana bohle ba batho.
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.
Mahlo a Morena a holim’a ba mo tšabang,
ba tšepileng mohau oa hae,
hore a ba phemise lefu,
a ba baballele bophelo nakong ea tlala.
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.
Meea ea rona e lebella Morena,
ke eena thuso le thebe ea rona.
Mohau oa hau, Morena, o ke o be holim’a rona,
joaloka ha re u tšepile.
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7:1-5)
“Qala ka ho ntša sekoqo leihlong la hau.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le se ke la ahlola ba bang hore le tle le se ke la ahloloa; hobane le tla ahloloa ka kahlolo eo le ahlolang ka eona, ‘me le tla lekanyetsoa ka tekanyo eo le lekanyang ka eona. Ke ka baka la’ng ha u talima pepa e leihlong la oa heno, u mpa u sa lemohe sekoqo se leihlong la hau? Kapa u ka bolella oa heno joang, ua re: Ere ke ntše pepa leihlong la hau, athe sekoqo ke seno leihlong la hau? Moikaketsi, qala ka ho ntša sekoqo leihlong la hau, u tle u tsebe ho bona hantle e be u ntša pepa leihlong la oa heno.
