E le ho nolofaletsa bahoebi ba banyenyane le likhoebo tse ikemetseng ho fumana mekitlane ha bonolo, Banka e Kholo ea Lesotho (CBL) e behile sechaba leseling ka lebota la LERIMA le thusang batho ba alimisanang ka lichelete ho etsa seo ka hore ea alimang chelete a ka beha thepa ea hae paneng. Litaba tsena, li bile ka la 18 Phupjane monongoaha.
Lebitsong la Mookameli oa CBL Bafokeng Nosi o itse ba hlahloba lintho tseo ba seng ba li fihletse ho tloha tšebetso e qalile ka selemo sa 2021, le ho sheba e tla thusa ntlafalong ea hore likhoebo tse nyenyane le tse ikemetseng hore li fumane mekitlane ha bonolo e le ho arabela litaba tsa tlhokahalo ea mesebetsi.
A re ke takatso ea bona hore molao oo ba tlang ho o kenya tšebetsong e be o tla matahana hantle le ea machaba.
Bolebali Taasoana ho hlaha Lefapheng la Bohlahlobi le Ngoliso ea Likhoebo tse hoebang ka ho hirisa chelete, o bontšitse hore morero ke ho beha sechaba leseling ka sehlahisoa sena e le ho thusa ho tsebahatsa lebota la bona leo ho ngolisoang thepa ha e ile ea beoa paneng ho batho ba fanang ka mekitlane.
O re ba boetse ba ba hopotsa molao o ileng oa fetisoa ka selemo sa 2020, ‘me tšebetso ea lebota leo ea etsoa ka sa 2022. O re morero ke ho thusa hore bao ba fumane mekitlane ka boleng bo tlaase.
Batho ba bang le boemo ba ho ngolisa leboteng lena, ke bahoebi ba mabenkele a thepa le ba hirisang lichelete, ‘me pele motho a ka fuoa thuso khoebo e joalo e tlameha ho shejoa hore na thepa e teng ka hoo ka leboteng e se e ngolisitse kapa ho beoa paneng.
A re seo se thusa beng ba mabenkele ho etsa liqeto tse nepahetseng ba ipapisitse le thepa e teng ea ea hlokang mokitlane. Motho o ngolisa thepa ho be le tumellano ea tšebetso.
A re qholotso e kholo ke hore boholo ba batho ha ba na tsebo, ka hona a ipiletsa ho ba fanang ka mekitlane ho ba le mekhoa e mecha.
Nkareng Letsie ho hlaha Mokhatlong oa Baji, o supile hore sehlahisoa sena se bohlokoa kaha batho ba e-na le lithepa tseo ba li behang paneng hore ba fuoe mekitlane. A re ho bohlokoa hore pele motho a etsa seo a batle boeletsi hore a se ke a iphumana a behile paneng thepa e sa hlokahaleng.
Ntho e monate ke hore sehlahisoa sena se totobalitse hore ho beoa paneng lithepa tse kang likoloi, mehala ea thekeng le tse ling ho fihlela motho a qetile ho lefa mokitlane oa hae. O re Basotho ba lokela ho utloisisa litaba tsena le ho li tseba e le hore ba se ke ba iphumana ba jeoe, hape ho bohlokoa ho netefatsa hore bahoebi le bona ba na le tsebo ka litaba tsena hore qetellong bohle ba be leetong le leng la tšebeliso ea thepa.
