Vinkmag ad

La 19 Phupjane 2025

Beke ea 11 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (11:1-11)

“Ke le boleletse Evangeli ea Molimo le sa ntše letho.”

Bana beso! Hoja le ka mamella hanyenyane tsa booatla ba ka! E, kea tseba, le tla ‘mamella. Hobane ke le boulela ka poulelo ea Molimo; etsoe le ka moroetsana ea hloekileng, eo ke mo tšepisitseng monyali a le mong, e leng Kriste, hore ke tle ke mo hlahise ho eena.

Empa ke tšaba hore joaloka ha noha e ile ea thetsa Eva ka mano, le eona kelello ea lona e ka senyeha joalo, e be e lahleheloe ke ‘nete e ho Kriste. Hobane le ka ‘na la kholoa habonolo ha motho a ka tla ‘me a le ruta Kriste o sele ho eo re ‘moletseng, kapa ebang le ka amohela Moea o sele ho oo le o fumaneng, kapa Evangeli e sele ho eo le e amohetseng.

Empa ke lekanya hore ha ke fetoe ke baapostola bao ba baholo ka letho! Leha ke se kheleke puong, ha ho joalo tsebong; ke totobalitse hona ka mekhoa eohle ke le har’a lona.

Ana ke entse molato ka ho ikokobetsa e le hore ho phahamisoe lona, ha ke le boleletse Evangeli ea Molimo le sa ntše letho na? Ke fumanehisitse likereke tse ling ka ho nka moputso ho tsona, ke tle ke le sebeletse.

Ha ke ntse ke le har’a lona, ka hloka, empa ka se ke ka khoka motho; hobane baena ba tsoang Makedonia ba ‘nile ba ntlatsetsa bohloking ba ka. Ha ke e-s’o ka ke le khathatsa ka letho, ‘me nke ke ka le khathatsa kamoso. Kannete ea Kriste e leng ho ‘na, nke ke ka amohuoa thoriso eo naheng eohle ea Akaia. Ka baka la’ng? Ana ke hobane ke sa le rate? Molimo o tseba hore kea le rata.

PESALEMA 110

MESEBETSI EA LIATLA TSA HAU, MORENA KE ‘NETE LE TOKA.

Ke boka Morena ka pelo ea ka eohle,

sebokeng sa ba lokileng le moo ho phutheheloang teng.

E meholo mesebetsi ea Morena,

e thahaselloa ke bohle ba khahloang ke eona.

MESEBETSI EA LIATLA TSA HAU, MORENA KE ‘NETE LE TOKA.

Mesebetsi ea hae ke bokhabane le letlotlo,

toka ea hae e hlola kamehla.

O entse hore tse tsotehang tsa hae li hopoloe,

Morena o lereko ‘me o mosa.

MESEBETSI EA LIATLA TSA HAU, MORENA KE ‘NETE LE TOKA.

Mesebetsi ea liatla tsa hae ke ‘nete le toka,

litaelo tsa hae tsohle ke tsa ‘nete.

Li etselitsoe ho ba teng kamehla le mehla,

li fanoe ka ‘nete le ka tšoanelo.

MESEBETSI EA LIATLA TSA HAU, MORENA KE ‘NETE LE TOKA.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (6:7-15)

“Lona le rapele joana.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha le rapela, le se ka la ea lolo-lolo joaloka bahetene, ba hopolang hore ba tla utluoa ka baka la mantsoe bongata. Lona le se ke la ba etsisa, hobane Ntat’a lona o se a ntse a tseba tseo le li hlokang; pele le mo kopa. Ha ho le joalo, lona, le rapele joana:

Ntat’a rona ea maholimong,

Lebitso la hau le halaletsoe,

‘Muso oa hau o tle,

Thato ea hau e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.

U re fe kajeno bohobe ba rona

ba letsatsi le leng le le leng; u re tšoarele libe tsa rona

 joaloka ha le rona re tšoaretse ba re sitetsoeng;

‘me u se ke ua lumella hore re oele

molekong u mpe u re ntše bobeng.

Ha eba le fela le tšoarela batho liphoso tsa bona, Ntat’a lona ea maholimo o tla le tšoarela le lona; athe ha eba le sa tšoarele batho, Ntat’a lona le eena a ke ke a tšoarela liphoso tsa lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Phupjane 2025

Read Next

La 20 Phupjane 2025

Most Popular