Beke ea 11 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (9:6-11)
“Molimo o rata ea fanang ka thabo.”
Bana beso! Ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane, athe ea jalang haholo o tla kotula haholo. E mong le e mong a fane ka ho ea kamoo a rerileng ka pelong ea hae kateng, e seng ka hlonamo kapa ka qobello. Etsoe Molimo o rata ea fanang ka thabo.
Hape ho matleng a Molimo ho le atisetsa mefuta eohle ea lineho tsa hae, le tle le be le ho lekaneng linthong tsohle kamehla, le be le atlehe mesebetsing eohle e molemo. Ke sona se ngotsoeng, ha ho thoe: O fane ka matsoho a mabeli ho mafutsana; ho loka ha hae ho hlola kamehla eohle.
Ea thusang molemi ka peo le ka bohobe boo a ka bo jang, o tla le thusa le lona ka peo, le hona ka bongata ‘me o tla eketsa litholoana tsa ho loka ha lona. Ha le se le ruisitsoe linthong tsohle, le tla tseba ho fana ka pelo tse ntle, e le hore ba bangata ba tle ba lebohe Molimo ka baka la tseo le ba fileng tsona ka rona.
PESALEMA 111
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
Ho lehlohonolo motho ea tšabang Morena,
ea ithabelang ka melao ea hae.
Lesika la hae le tla ba matla lefatšeng,
moloko oa ba pelo li ntle o tla hlohonolofala.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
Tlung ea hae ke menono le maruo,
toka ea hae e hlola kamehla.
Ho ba khabane o hlaha joaloka leseli lefifing,
a le lereko, a le mosa ‘me a lokile.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
O fana ka matsoho a mabeli ho bahloki,
toka ea hae e hlola kamehla.
O tla tlotlisoa ka ho nehoa matla.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (6:1-6.16-18)
“Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u buseletsa.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Hlokomelang le se etse liketso tse lokileng tsa lona mahlong a batho hore le bonoe ke bona; ho seng joalo, le ke ke la fumana moputso ho Ntat’a lona ea maholimong.
Ka baka leo, ha u etsa mpho ea mohau, u se ke ua letsa phala, joaloka ha baikaketsi ba etsa, matlung a thapelo le litseleng, hore ba tle ba rorisoe ke batho. Ruri, kea le bolella, ba se ba amohetse moputso oa bona. Empa uena ha u etsa mpho ea mohau, letsoho la hau le letšehali le se ke la tseba se etsoang ke le letona, ketso ea hau ea mohau e tle e be sephiring; ‘me Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u buseletsa.
Hape, ha le rapela, le se ke la tšoana le baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le makopanong a litsela, hore ba bonoe ke batho. Ruri, kea le bolella, ba se ba amohetse moputso oa bona. Empa uena ha u rapela, kena kamoreng ea hau, u koale monyako, u nt’o rapela Ntat’ao ea leng teng sephiring; ‘me Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u buseletsa.
Hape-hape, ha le itima lijo le se ke la itlhonamisa, joaloka baikaketsi, ba sosobanyang lifahleho tsa bona, ba tle hle ba bonahale ho batho hore b’a itima. Ruri, kea le bolella, ba se ba amohetse moputso oa bona. Empa uena ha u itima, u itlotse hlooho ‘me u iphotle sefahleho, u tle u se ke ua bonahala ho batho hore ua itima, ha e se ho Ntat’ao ea leng teng sephiring; ‘me Ntat’ao ea bonang sephiring o tla u putsa.
