Beke ea 10 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (5:14-21)
“Ea neng a se na sebe, Molimo o ile a mo nkella le baetsalibe ka baka la rona.”
Bana beso! Lerato la Kriste lea re khanna, ha e le moo re khotsoe hore a le mong o shoetse bohle, eba bohle ba shoele. Kriste o shoetse bohle, hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ea ba shoetseng, a ba a tsoha ka baka la bona. Ha ho le joalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokhoa oa botho; ‘me leha re ile ra tseba Kriste ka mokhoa oa botho, kajeno ha re sa mo tseba joalo.
Ka baka leo, ha motho a le ho Kriste, o bopiloe bocha; tsa khale li fetile, tse ncha li hlahile. Tsena tsohle li tsoa ho Molimo ea ileng a re boelanya le eena ka Kriste, a ba a re neha mosebetsi oa poelanyo.
Efela Molimo o n’a boelanye lefatše le eena ka Kriste, ka ho leballa batho libe tsa bona, le ka ho re neha molaetsa oa poelanyo.
Ha ho le joalo, re maqosa a Kriste, joaloka hoja ke Molimo ea khothatsang ka rona. Lebitsong la Kriste rea le kopa: Boelanang le Molimo. Hobane Ea neng a se na sebe, Molimo o ile a mo nkella le baetsalibe ka baka la rona, e le hore ka eena re abeloe ho loka ha Molimo.
PESALEMA 102
MORENA O MOSA O LEREKO.
Boka Morena, moea oa ka, ka matla ‘ohle a hau,
u boke lebitso le halalelang la hae.
Boka Morena, moea oa ka,
u se ke ua lebala melemo eohle ea hae.
MORENA O MOSA O LEREKO.
Ke eena ea tšoarelang melato eohle ea hau,
ea folisang maloetse ‘ohle a hau;
o pholosa bophelo ba hau lebitleng,
o u roesa mohau le mosa se-ka-tlokola.
MORENA O MOSA O LEREKO.
Morena o mosa, o lereko,
o lieha ho halefa,
o mohau o moholo.
A ke ke a u qosa ho-ea-ho-ile,
le khalefo ea hae ha se ea kamehla.
MORENA O MOSA O LEREKO.
Joaloka ha maholimo a phahametse lefatše,
ka mokhoa o tšoanang
mohau oa hae o moholo ho ba mo tšabang.
Joalokaha Bochabela bo arohane le Bophirima,
ka mokhoa o tšoanang
O qhelela liphoso tsa rona thoko le rona.
MORENA O MOSA O LEREKO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:33-37)
“Kea le bolella, ke re: Le se ke la hlapanya le hanyenyane.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le utloile hore ho ne ho thoe ho ba boholo-holo: U se ke ua hlapanyetsa leshano, u mpe u phethe likano tsa hau ho Morena. Empa ‘na kea le bolella, ke re: le se ke la hlapanya le hanyenyane: leha e le ka leholimo, hobane ke terone ea Molimo; leha e le ka lefatše, hobane ke bonamelo ba maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse oa Khosi e Kholo. U se ke ua hlapanya le ka hloho ea hau hobane u sitoa ho soeufatsa kapa ho ntšofatsa qoba leha e le ‘ngoe ea moriri oa hau.
Lentsoe la lona le ‘e’, e be ‘e’; ‘che’, e be ‘che;’ ha e le ho fetang hoo ho tsoa ho e Mobe.
