Letona la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, Mohlomphehi Thabo Mofosi o re ka lebaka la ho nka nako e telele ba sokola manyolo, a qetella a lebisa tiehisong ea temo lekala la habo le se le fane ka tšehetso ho khoebo ea Basotho e hlahisang manyolo. Litaba tsena o li boletse ka la 9 Phupjane monongoaha.
O re litaba tsena li khanniloe ke tšokolo e bang teng nakong ea boitokisetso ba temo ea Mariha le Lehlabula hobane khoebo tse hlahisang manyolo li qala pele ka beng ba tsona. O re ke nako ea hore Basotho ba matlafale temong, ba sebelise manyolo a hlahisoang ke khoebo ea ngoan’a Mosotho. O re sena ke karolo e kholo e tla thusa ntlafalong ea tlhahiso ea mesebetsi e sa feleng.
“Ke taba-tabelo ea rona ho bona manyolo a hlahisoa naha ka bophara re sa a reke empa e le rona ba rekisetsang linaha tse ling, le hore e lokela e be manyolo a boleng a tla ikhetholla ho a linaha tse ling.” Ke Mofosi eo. A re ho bonahala e le naha ba ile ba nka nako e telele ka merero e sa tsoeleng naha molemo. O re mobu oa temo boholo o lutse matsohong a batho ba sitoang ho hlahisetsa batho lijo, ka lebaka leo ba lokela ho fetola taba eo hore bacha ba nolofalloe ke tšebeliso ea mobu.
A re kahar’a morero oa farelane le seiboko bacha ba 450 ba tla rupeloa hore ba hlahise liaparo le likobo, ho be le litsi tsa tlhahlobo ea boea. O itse ba tl’o tlatsetsa bacha ka lithupelo ho itukisetsa ho itlhahisetsa lijo tsa liphoofolo ka mekhahlelo eohle empa haholo ho shebiloe tlhahiso e masimong.
A re ba na le libaka tse ‘ne tseo ba nang le morero o moholo oa noesetso e leng Phamong, Tsoili-Tsoili, Likhakeng le Mohale’s Hoek, ‘me ba ikelelitse ho tšehetsa morero ona ka lichelete e le hore ba tsebe ho itlhahisetsa lijo. Tabeng ea literekere o re ke bonyane tse 200 tse khahlametsang bacha le batho ba temo, ka lebaka lena bacha ba tsebe ho qhoba litereke haholo bana ba banana, hobane ha joale ke bonyane banana ba 30 ba seng ba tseba ho qhoba ‘me sena se etsoa ka morero oa ho qoba ho haelloa ke bo-ramechini.
A re ba na le mobu oa temo o mongata ka lebaka leo ba hloka ho bona hore hoa hlahisoa. O itse ba batla ho bona mobu oa o likolong tsa ‘muso o qetella o fuoa Mosotho ea nang le litsebo e ntse e le e meng ea morero ea tlhahiso ea mesebetsi. O phethetse ka ho ipiletsa ho Basotho ho fumana menontša litorong kaha e le teng le lipeo empa e le hore li ka haella ka lebaka la ho se li fumane ka bongata.
E mong oa bacha ba nang le litsebo tsa ho hlahisa manyolo, Kekeletso Molekane o re Basotho ba na le monyetla oa ho hlahisa lijo tsa boleng ba sebelisa manyolo a se lehae a sa cheseng lijalo. O re ho ka ba bohlokoa ha ‘muso o ka tsetela likhoebong tse fapakaneng tsa tlhahiso ea manyolo e le ho thusa tlhahisong ea mesebetsi, ho thusa hore manyolo a hlahisoang kahar’a naha a be le tlholisano e le ho bula mebaraka ka likanta tsohle.
Ha ‘muso o ka tšepahalla taba ena, o re ho tla thusa tlhahisong ea mesebetsi ebe ba ntša lipolotiki litabeng tsena e le hore bacha bohle ba ithukhubetse ba ntle le letsoalo. O tholetsa mohato ona ka le reng boqapi ba bona ha bo na ho fella feela.
