Vinkmag ad

La 13 Phupjane 2025

Sehopotso sa Antone ea Halalelang oa Padua, Moprista le Moruti oa Kereke.

Beke ea 10 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (4:7-15)

“Ea tsositseng Jesu bafung o tla re tsosa, ‘me o tla re beha haufi le eena, hammoho le lona.”

Bana beso! Monono ona, o ka ho rona joaloka ha o le ka lipitseng tsa letsopa, ho bontša hore matla ana a maholohali ke a Molimo, ha se a rona. Ka nqa tsohle re hlaheloa ke matšoenyeho, empa ha re imeloe; re tsielehile, empa ha re nyahame lipelo; rea hlorisoa, empa ha rea lahloa; re lihetsoe fatše, empa ha rea timela.

Kamehla le kahohle, re jere mahloko a lefu la Jesu ‘meleng ea rona, e le hore bophelo ba Jesu le bona bo bonahatsoe ‘meleng oa rona. Efela rona, leha re phela, ha re khaotse ho neheloa lefung ka baka la Jesu, e le hore bophelo ba Jesu le bona bo bonahatsoe ‘meleng oa rona o shoang. Ka mokhoa oo lefu le sebetsa ka ho rona, le bophelo bo sebetsa ka ho lona.

Ere ka ha re e-na le moea o le mong oa tumelo, oo ho ngotsoeng ka oona, ha ho thoe: “Ke lumetse, ka hona ke buile,” le rona re lumetse, ‘me ka baka leo rea bua, re ntse re tseba hore ea tsositseng Jesu bafung o tla re tsosa le rona hammoho le Jesu, ‘me o tla re beha haufi le eena, hammoho le lona.

Tsena tsohle li etselitsoe lona, e le hore lineho ha li ata, li ngatafatse teboho ea ba bangata, tlotlisong ea Molimo.

PESALEMA 115

MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.

Ke ne ntse ke e-na le tšepo, leha ke ne ke re:

“Ke hlophehile hampe;”

pherekanong ea ka, ke ne ke re:

“Ha ho motho ea tšepahalang.”

MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.

Lefu la metsoalle ea Morena

ke ntho ea bohlokoa mahlong a hae.

Ke mohlanka oa hau, Morena,

ke mohlanka oa hau ruri,

mora oa lekhabunyane la hau.

MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.

Ke tla u nyehela sehlabelo sa teboho,

ke rapele lebitso la Morena.

Ke tla phetha likano tsa ka ho Morena,

pel’a sechaba sohle sa hae.

MORENA, KE TLA U NYEHELA SEHLABELO SA TEBOHO.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:27-32)

“Mang le mang ea talimang mosali ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ea hae.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le utloile hore ho ne ho thoe: U se ke ua feba. Empa ‘na kea le bolella, ke re; mang le mang ea talimang mosali ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ea hae. Joale ha leihlo la hau le letona le u lihela sebeng, le honye, ‘me u le lahlele thoko le uena; hobane ho molemo ho uena ha ho ka timela setho se le seng sa hau; ho e-na le hore ‘mele oohle oa hau o lahleloe liheleng.

‘Me ha letsoho la hau le letona le u lihela sebeng, u le pome ‘me u le lahlele thoko le uena; hobane ho molemo ho uena ha ho ka timela setho se le seng sa hau ho e-na le hore ‘mele oohle oa hau o ee liheleng.

Hape ho ne ho thoe: Ea hlalang mosali oa hae a mo nehe lengolo la tlhalo. Empa ‘na kea le bolella, ke re: Mang le mang ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la taba ea bohlola, oa mo febisa, ‘me ea nyalang mosali ea hlaliloeng oa feba.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Phupjane 2025

Read Next

Lesotho le tla itlhahisetsa manyolo-Mofosi

Most Popular