Vinkmag ad

La 12 Phupjane 2025

Beke ea 10 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (3:15-4:1.3-6)

“Molimo, ke eena ea khantšelitseng lipelo tsa rona, hore ka ho tsona ho be le khanya ea tsebo ea letlotlo la Molimo.”

Bana beso! Ho fihlela letsatsi la kajeno, ha ho baloa buka ea Moshe, lesira le sa koahetse lipelo tsa bana ba Israele. Empa ha motho a sokolohela ho Morena, ke moo lesira le tlosoang. Morena ke Moea, ‘me moo Moea oa Morena o leng teng, tokoloho le eona e teng. Ha e le rona bohle ba talimang letlotlo la Morena ka lifahleho tse khurumolotsoeng, re fetoleloa setšoantšong se le seng, re ntse re ateloa ke letlotlo: ona ke oona mosebetsi oa Morena, eo e leng Moea.

Ha e sa le re kene tšebeletsong ena ka mohau, ha re e-s’o khathale matla. ‘Me haeba Evangeli ea rona e ntse e siretsoe, e siretsoe ho ba lahlehang, e leng ba sa lumeleng, bao molimo oa lefatše lena a foufalitseng likelello tsa bona, esere ba bonesetsoa ke khanya ea Evangeli ea letlotlo la Kriste, eo e leng setšoantšo sa Molimo.

Hobane ha re ipolelise, empa re bolela Morena oa rona Jesu Kriste; ha e le rona, re bahlanka ba lona ka baka la Jesu, hobane Molimo ea laetseng hore leseli le khanye lefifing, ke eena ea khantšelitseng lipelo tsa rona, hore ka ho tsona ho be le khanya ea tsebo ea letlotlo la Molimo, le bonahalang sefahlehong sa Kriste.

PESALEMA 84

TLOTLA EA MORENA E KE E AHE LEFATŠENG LA HABO RONA.

Ke rata ho utloa se boleloang ke Morena Molimo,

hobane o bua ka tsa khotso

le sechaba le metsoalle ea hae,

Ruri pholoho ea hae e haufi le ba mo tšabang,

tlotla ea hae e tla aha fatšeng la habo rona.

TLOTLA EA MORENA E KE E AHE LEFATŠENG LA HABO RONA.

Mohau le ‘nete li tla khahlametsana,

toka le khotso li akane.

‘Nete e tla runya lefatšeng,

toka e lepelle le maholimong.

TLOTLA EA MORENA E KE E AHE LEFATŠENG LA HABO RONA.

Morena ka sebele o tla fana ka tse molemo,

lefatše la rona le behe litholoana.

Toka e tla mo etella pele,

khotso eona e mo felehetse.

TLOTLA EA MORENA E KE E AHE LEFATŠENG LA HABO RONA.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:20-26)

“Mang le mang ea halefelang ngoan’abo o tla tšoaneloa ke kahlolo.”

Ka nako eo, Jesu a re họ barutuoa ba hae: Ha eba ho loka ha lona ho sa fete ha bangoli le Bafarisi, ha le ka ke la kena ‘musong oa maholimo. Le utloile hore ho ne ho thoe ho ba boholo: U se ke ua bolaea; ea tla bolaea o tla tšoaneloa ke kahlolo. Empa ‘na kea le bolella: mang le mang ea halefelang ngoan’abo o tla tšoaneloa ke kahlolo. Ea tla re ho ngoan’abo: Sehole tooe; o tla tšoanela ho ikarabella khotla. Ha e le ea reng: Tseke-tseke tooe; o tla tšoaneloa ke mollo oa lihele.

Ha ho le joalo ha u nyehela ka mpho ea hau aletareng, ‘me teng u hopola hore ngoan’eno o sello ka uena, siea mpho ea hau hona moo pel’a aletare, u qale ka ho ea boelana le ngoan’eno, e be moo u tlang ho nyehela ka mpho ea hau. Phakisa u e’o utloana le eo le tsekisanang le eena le sa ntsane le le tseleng; esere mohlomong eo le tsekisanang le eena a u nehela moahloli, moahloli a u nehela molebeli ‘me ua kenngoa chankaneng. Ruri kea u bolella ke re: ha u ka ke ua tsoa teng ho fihlela ha u lefile cheletana ea ho qetela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Phupjane 2025

Read Next

La 13 Phupjane 2025

Most Popular