Vinkmag ad

La 11 Phupjane 2025

Sehopotso sa Barnabas ea Halalelang, Moapostola.

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (11:21-26;13:1-3)

“E ne e le monna ea molemo, ea tletseng Moea o Halalelang le tumelo.”

Matsatsing ao, bongata bo boholo ba lumela, ba sokolohela ho Morena.

Kereke e neng e le Jerusalema, ha e utloa taba eo, ea roma Barnabas ho ea Antiokia. Eitse ha a fihlile teng ‘me a bone mosebetsi oa mohau oa Molimo, a thaba ‘me a khothaletsa bohle ho tsoela pele ho khomarela ho Morena ka pelo tse tiileng: hobane e ne e le monna ea molemo, ea tletseng Moea o Halalelang le tumelo. ‘Me batho ba bangata ba inehela ho Morena.

Barnabas a ba a ea Tarse ho ea batla Saule. Hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ba lula ‘moho le ba kereke eo selemo kaofela, ‘me ba ruta sechaba se sengata. Ke hona Antiokia moo barutuoa ba qalileng ho bitsoa Bakriste.

Kerekeng ena ea Antiokia, ho ne ho le teng baprofeta le baruti: e leng Barnabas, Simone ea bitsoang Niger, Lucius oa Cyrena, Manaene, thaka ea Morena Heroda le Saule.

Ha ba ntse ba le tšebeletsong ea Morena, ba itima lijo, Moea o Halalelang oa re: Nkhetheleng Barnabas le Saule ke tl’o ba roma mosebetsing oo ke ba bilelitseng oona. Eare hoba ba itime lijo ‘me ba rapele, ba ba beha matsoho ‘me ba ba lokolla.

Pesalema 97

MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae,

bakeng la ntlo ea Israele.

MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.

Liqola tsohle tsa lefatše

li bone pholoho ea Morena oa rona.

Lona mafatše ‘ohle etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.

Binelang Morena ka harepa,

ka harepa le ka ‘mino.

Ka meletso ea literompeta le ea liphala,

etsetsang Morena Molimo litlatse.

MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10:7-13)

“Le amohetse feela fanang feela.”

Ka nako eo, Jesu a re ho baapostola ba hae: Ere ha le ntse le e-ea, le rute, le re: ‘Muso oa maholimo o se o le haufi! Folisang bakuli, tsosang bafu, hloekisang balepera, lelekang bademone; le amohetse feela, fanang feela!

Le se ke la ipolokela gauda, leha e le silevera, leha e le koporo ho e phuthela maqhameng a lona, leha e le khetsi bakeng la tsela, leha e le liaparo tse peli, leha e le meqathatso, leha e le lere; kaha mosebetsi o lokeloa ke lijo tsa hae.

Joale motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe oo le kenang ho oona, le batle hore na ea lokelang ke mang ho oona; ‘me le lule ha hae ho fihlela le tloha. Ha le kena ka tlung ea hae, le lumelise, ‘me ha eba ntlo eo e hlile e lokela, khotso ea lona e fele e tle ho eona. Empa ha e sa lokele, khotso ea lona e ke e khutlele ho lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Phupjane 2025

Read Next

La 12 Phupjane 2025

Most Popular