Vinkmag ad

La 9 Phupjane 2025

Sehopotso sa Maria Movirigo, ‘Ma Kereke.

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Genese. (3:9-15.20)

“Ke tla thoma bora pakeng tsa hau le mosali, pakeng tsa lesika la hau le lesika la hae.”

Hoba Adama a je tholoana ea sefate, Morena Molimo a ‘mitsa, a re ho eena: U hokae? Adama a araba a re: Ke utloile liqi tsa hau serapeng, ka utloa ke tšaba hobane ke feela; ke ha ke ipata. Morena a re: Ke mang ea u lemositseng hore u feela? E seng u s’u jele tholoana ea sefate seo ke itseng: U se ke ua se khola?

Adama a re: Mosali eo u ‘nehileng eena hore re lule le eena, ke eena ea mphileng tholoana ea sefate, eaba kea ja. Morena Molimo a re ho mosali: U entse life? Mosali a araba, a re: Noha e nqhekeletse, ka ba ka ja.

Eaba Morena Molimo o re ho noha: Ere ka ha u entse sena, u rohakehile har’a liphoofolo tsohle tse ruiloeng le tsa naha. U tla holoba ka mpa, u je lerole ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba hau. Ke tla thoma bora pakeng tsa hau le mosali, pakeng tsa lesika la hau le lesika la hae: lona le tla u khoba hloho, ‘me uena u tla le loma serethe.

Adama a reha mosali oa hae Eva, hobane e le ‘m’a bohle ba phelang.

PESALEMA (Jud. 13,23-25. R. 15,10)

U THORISO EA SECHABA SA HABO RONA.

U ke u hlohonolofatsoe, morali,

ke Molimo ea matla ‘ohle

ho feta basali bohle ba lefatše.

Ho bokoe Morena Molimo,

ea bopileng leholimo le lefatše.

U THORISO EA SECHABA SA HABO RONA.

Tšepo eo u bileng le eona

ha e sa tla hlakoha lipelong tsa batho,

empa ba tla hopola kamehla matla a Molimo.

Molimo a ke a etse hore u tlotlisoe kamehla,

‘me a u sitse ka tse molemo.

U THORISO EA SECHABA SA HABO RONA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (19:25-27)

“Mora oa hau ke eo. ‘M’ao ke eo.”

Pel’a sefapano sa Jesu, ho ne ho eme ‘m’ae, hammoho le ngoan’abo ‘m’ae, Maria mohats’a Kleofa le Maria Magdalena. Eare ha a bona ‘m’ae le morutuoa eo a neng a mo rata a eme pel’a hae, Jesu a re ho ‘m’ae: Mosali, mora oa hau ke eo. A nt’o re ho morutuoa ‘M’ao ke eo. Ho tloha nakong eo Morutuoa a mo nkela ha hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Phupjane 2025

Most Popular