Vinkmag ad

La 3 Phupjane 2024

Beke ea 7 ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (20:17-27)

“Ke phetha tema ea ka le mosebetsi oa ho paka Evangeli oo ke o filoeng ke Morena Jesu.”

Matsatsing ao, ha re le Mileta, Paulosi a romela Efese ho ea lata baholo ba kereke. Eitse ha ba fihlile ho eena, a re ho bona:

Lea tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako eohle, ho tloha letsatsing leo ke qalileng ho kena Asia ka lona. Ke sebelelitse Morena ka boikokobetso bohle, le ka meokho, ke le har’a liteko tseo ke li hlahiselitsoeng ke maraba a Bajodi.

Ha kea ka ka le patela letho la tse ka le thusang. Ka le bolella molaetsa, ka le ruta phatlalatsa le ka matlung a lona. Ka khothaletsa Bajodi le balichaba ka matla ho baka pel’a Molimo le ho lumela ho Morena oa rona Jesu Kriste.

‘Me joale, bonang, ka baka la ho tlameha ke Moea, ke ea Jerusalema, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng. Ke tseba feela hore motseng o mong le o mong Moea o Halalelang o mpolella ka ho tiisa hore litlamo le matšoenyeho a nkemetse Jerusalema.

Empa leha ho le joalo, ha ke lekanye hore bophelo ba ka ke ntho e hlokolosi, ha nka mpa ka phetha tema ea ka, le mosebetsi oo ke o filoeng ke Morena Jesu, oa ho paka Evangeli ea mohau oa Molimo.

Joale kea tseba, ha le sa tla bona sefahleho sa ka, lona bohle bao ke tsamaileng har’a bona ke ntse ke phatlalatsa ‘muso oa Molimo. Ka baka leo ke tiisa pel’a lona hore, ha e mong a ka timela, e ke ke ea e-ba ka molato oa ka; hobane ha kea ka ka phetsa ho le senolela morero oa Molimo ka ho tlala

PESALEMA 67

BINELANG MOLIMO LONA MEBUSO EA LEFATšE.

Molimo, u nesitse melupe ea mahlohonolo,

u ile ua matlafatsa ba lefa la hau ha ba khathetse.

Libopuoa tsa hau tsa aha qalong eo,

ka mosa oa hau,

u e lokiselítseng ea hlophehileng.

Ho bokoe Morena ka letsatsi le letsatsi!

Oa re pepa, Molimo Mopholosi oa rona,

Molimo oa rona ke Molimo ea pholosang;

Morena Molimo a ka phemisa motho lefu.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (17:1-11)

“Ntate, tlotlisa Mor’a hau.”

Ka nako eo, Jesu a lelaletsa mahlo leholimong, a re: Ntate, nako e fihlile: Tlotlisa Mora oa hau, hore Mora oa hau le eena a u tlotlise, e le hore, ka matla ao u mo fileng ona holim’a batho bohle a fane ka bophelo bo sa feleng ho bohle bao u mo nehileng bona.

Ke bona bophelo bo sa feleng: hore ba u tsebe, uena Molimo a inotši oa ‘nete, le eo u mo romileng, Jesu Kriste. Ke u tlotlisitse lefatšeng, ‘me ke phethile mosebetsi oo u ‘nehileng oona. ‘Me joale, Ntate, u ntlotlise ka letlotlo leo ke bileng le lona le uena, pele lefatše le e-ba teng.

Ke tsebisitse batho lebitso la hau, bao u ba khethileng lefatšeng ho ‘neha bona. E n’e le ba hau: u ‘nehile bona ‘me ba bolokile lentsoe la hau. B’a tseba joale hore tsohle tseo u ‘nehileng tsona, li tsoa ho uena; hobane lipolelo tseo u ‘nehileng tsona, ke ba nehile tsona; ba li amohetse ba tsebile ruri hore ke tsoa ho uena ‘me ba Iumetse hore u nthomile.

Kea ba rapella, ha ke rapelle lefatše, empa ke rapella bao u ‘nehileng  bona, hobane ke ba hau. Tsohle tsa ka, ke tsa hau, ‘me tsa hau ke tsa ka; ke tlotlisitsoe ka bona. Ha ke sa le lefatšeng, ha e le bona ba sa le lefatšeng athe ‘na ke tla ho uena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Phupjane 2025

Read Next

La 4 Phupjane 2025

Most Popular