Vinkmag ad

La 30 Motšeanong 2025

Beke ea 6 ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (18:9-18)

“Batho ba bangata motseng ona ke ba sechaba sa ka.”

Bosiung bo bong, ha Paulosi a le Korinthe, Morena a bua le eena ka pono, a re: U se ke ua tšaba, u mpe u bue, ‘me u se ke ua thola. Ke na le uena, ‘me ha ho motho ea tla u loantša le ho u etsa hampe, hobane batho ba bangata motseng ona ke ba sechaba sa ka, Paulosi a lula selemo le khoeli tse tšeletseng moo, a nts’a ruta Lentsoe la Molimo.

Eitse hoba Gallio a behoe ‘musi oa Akaia, Bajodi, ba utloana ho ea tšoara Paulosi. Ba mo isa khotla ba re: Motho enoa o kholisa batho ho sebeletsa Molimo ka mokhoa o fapanang le molao. Ha eba le tlisa taba ea ho roba molao kapa ea molato o mong o moholo, nka le mamela lona Bajodi, kamoo e leng tšoanelo kateng. Empa ha eba tseko eo ke ea lipolelo, kapa ea mabitso leha e le ea tsa molao oa lona, ho iponele lona. ‘Na ha ke rate ho ba moahloli oa tsona.

‘Me a ba leleka khotla. Joale ba tšoara Sosthene hloho ea ntlo ea thapelo ‘me ba mo otla pel’a lekhotla. Gallio a sa ba tsotelle ka letho. Paulosi a lula moo matsatsi a mangata hape; a nt’o lumelisana le baena ‘me a tšelela Siria ka sekepe, a e-na le Priscilla le Aquila. O n’a kutile moriri oa hae Kenkre, kahobane o n’a entse kano.

PESALEMA 97

MOLIMO KE KHOSI EA LEFATSE LOHLE.

Opang liatla, lona lichaba tsohle,

etsetsang Molimo litlatse le mehoo ea thabo.

Hobane Morena ea holimo-limo oa tšabeha;

ke eena khosi e kholo ea lefatše lohle.

O beha lichaba tlas’a puso ea rona,

le merabe tlas’a maoto a rona.

Ke eena ea re khethetseng lefa,

leo moratuoa oa hae Jakobo a ithorisang ka lona.

Molimo o nyoloha har’a litlatse,

Morena har’a meletso ea literompeta.

Binelang Molimo oa rona, ‘mineleng;

binelang Morena oa rona, ‘mineleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (16:20-23)

“Thabo ea lona ha ho motho ea tla le amoha eona.”

Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Kannete nete ke re ho lona, le tla lla le bokolle, athe lefatše le tla thaba. Le tla soaba, empa soabo ea lona e tla fetoha thabo. Mosali ha a beleha, o ee a utloe bohloko, hobane nako ea hae e fihlile: athe, ha a se a belehile, ha a sa hopola mahloko ka baka la thabo, ea ho ba le ngoana.

Le lona le hlomohile; empa ke tla boela ke le bona, ‘me lipelo tsa lona li tla thaba; ‘me thabo ea lona ha ho motho ea tla le amoha eona. Tsatsing leo ha le sa tla mpotsa letho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Motšeanong 2025

Most Popular