Dr. Retšelisitsoe Matlanyane o re Komiti e alositseng Tšebeliso ea Lichelete tsa Sechaba (PAC), ha e na litsebo tse phethahahetseng ho alosa le ho etsa likhothaletso ka tšebetso ea letlole la lichelete tsa phomolo tsa bahlanka. Tsena o li buile Lekhotleng la Sechaba ka la 19 Motšeanong monongoaha.
Letona la Lichelete ile la futhumala nakong eo Molula-Setulo oa PAC, ‘Machabana Lemphane-Letsie, a fanang ka khothaletso ea PAC ea hore letlole le thehe lefapha la litsebi tse ikemetseng nakong ea khetho ea bafani ba litšebeletso ho lona. Se na se latela maphemphe a boto ka bafani ba khethiloeng ha joale.
Likhothaletso tsa PAC tse tekiloeng ka la 20 Motšeanong monongoaha li kenyeletsa hore molao oa tsamaiso ea letlole o hlahlajoe, le hore bafani ba litšebeletso le letlole ba buisane hore lichelete tsa bafu li sebetsoe ka pele, le hore moo ho nang le mofu ea seng a sa lefe ho hlokomelehe ka pele.
Ho sa le joalo, Litho tsa Lekhotla la Sechaba li ile tsa ipiletsa ho Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano Paramenteng Mohlomphehi Tšepang Ts’ita Mosena, ho khalema ka matla le ho laela Letona la Lichelete ho hula mantsoe a hore litho tsa Lekhotla la Sechaba ka Komiti ea PAC, ha li na litsebo tsa ho fuputsa le ho tlaleha ka botsamaisi ba letlole la lichelete tsa bahlanka ba ’muso.
Tlaleho e neng e ntse e tekoa ke Molula-Setulo oa PAC, e ile ea rakoa ke lengolo leo Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano a sa bolelang hore na ke la mang, empa le amana le litaba tse ntseng li tsoelapele ka lebaka leo a phomotsa ntlo ka le reng o sa il’o ithuta lona.
Hona litabeng tse tšoanang ka la 21 Mots’eanong 2025, Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano Paramenteng o ile a hlalosa hore lengolo leo a sa kang a le bala ke le neng le ngotsoe ke e mong oa setho sa boto Futho Hoohlo ea reng h’a beloa toka kaha a sa fuoa monyetla oa ho ikarabella kapel’a komiti empa eo o supile hore komiti ea PAC e hlalositse hore e tla arabela lengolo leo le ho mamela sello sa hae.
Ka hona Molula-Setulo oa PAC o ile a tsoelapele ka tlaleho ea komiti moo a supileng hore Banka e Kholo ea Lesotho (CBL) e bonahala e sa phethahatsa mosebetsi oa eona oa taolo mabapi le Letlole la Lichelete tsa Bahlanka (PODCPF). A re komiti e fumane hore CBL e tšoere letlotlo le ka bang M800 Millione le kentsoeng ke letlole lena, ‘me sena se baka likhohlano tse ka tlisang hore ho se be le taolo ea letlole. Hape ho hlakile hore Mongoli e Moholo oa Lekala la Lichelete le Meralo eo banka e mo tlalehelang, ke eena hape Molula-Setulo oa Letlole e aka tlolisang litaba mahlo holimo.
Likhothaletso tsa komiti ke hore letlole le lokela ho lefa chelete e lokelang ho fuoa molaoli sebakeng sa litšebeletso tse fanoeng mabapi le ba sa tšeleng (Nil Contributors) le puseletso. Khetho ea NBC e le molaoli ho tloha ka la 26 Thlakubele 2020 (letsatsi leo nyeoe) e lokela ho lokisoa ho latela molao oa PODCPF oa 2008.
Matlanyane o ile a hlalosa ha komiti e fane ka tlaleho e se na bopaki kaha boto eo e tsamaisang letlole e koetlisitsoe.
Machesetsa Mofomobe o supile hore Letona la Lichelete le Meralo le ema khahlanong le tšebetso ea likomiti le hoja likomiti tsa paramente li sebetsa ka ho botsa lipotso, ho etsa liphuputso le ho fumana bopaki tšebetsong ea tsona. O buile tsena a thula letona la lichelete le reng PAC e iphosisitse tlalehong ea eona ea letlole ka hore boto ea eona ha e na litsebo tsa mosebetsi.
