Vinkmag ad

La 21 Motšeanong 2025

Beke ea 5 ea paseka

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (15:1-6)

“Ha laeloa hore ba nyolohele Jerusalema ho ea bona baapostola le baholo ka taba ena.”

Matsatsing ao, ba bang ba tsoang Judea ba ne ba ruta baena, ba re: Ha le sa bolle ka mokhoa oa Moshe, le ke ke la pholoha. Ere ka ha ba ne ba tsekisana ‘me ba fapakana haholo le Paulosi le Barnabase, ha laeloa hore Paulosi le Barnabase, le ba bang ba Antiokia, ba nyolohele Jerusalema ho ea bona baapostola le baholo ka taba ena.

Bona, hoba ba felehetsoe ke kereke, ba feta Fenicia le Samaria, ‘me ba thabisa baena bohle ka ho ba bolella tšokoloho ea balichaba.

Ha ba fihla Jerusalema, ba amoheloa ke kereke le baapostola le baholo, ‘me ba ba behela kamoo Molimo a sebelitseng tse kholo ka bona kateng.

Empa ba bang ba sehlopha sa Bafarisi, ba neng ba fetohile balumeli, ba ema, ba re: Bahetene ba tšoanetse ho bolotsoa le ho laeloa ho boloka Molao oa Moshe. Baapostola le baholo ba phutheha ho hlahloba taba eo.

PESALEMA 121

KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.

Ke ile ka thaba ha ho thoe ho ‘na:

“A re eeng Tlung ea Morena.”

Joale maoto a rona a se a hatile

likhorong tsa hau, uena Jerusalema.

Jerusalema e ahiloe e le motse

oo tsohle tsa oona li matahaneng hamonate.

Meloko eohle, e leng meloko ea Morena,

e nyolohela teng ho boka Morena

ho ea kamoo Israele a laetsoeng kateng.

Ke moo ho behiloeng litulo tsa kahlolo,

litulo tsa ntlo ea Davida.

Kopelang Jerusalema khotso, le re:

“ba u ratang ba ke ba pholohe.”

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (15:1-8)

“Ea lulang ho ‘na le ‘na ka ho eena, o beha litholoana tse ngata.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ke ‘na morara oa ‘nete ‘me Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho ‘na le sa beheng litholoana, o tla le rema; ‘me le leng le le leng le behang litholoana, o tla le kuta, le tle le behe haholo ho feta. Lona le se le hloekisitsoe ka molaetsa oo ke le tsebisitseng oona.

Lulang ka ho ‘na, le ‘na ka ho lona. Joaloka ha lekala le sitoa ho beha le inotši, ha e se ha le kopane le sefate, le lona le sitoa ho beha ha e se ha le lutse ka ho na. ‘Na ke sefate sa morara, lona le makala. Ea lulang ka ho ‘na le ‘na ka ho eena, o beha litholoana tse ngata; hobane kantle ho ‘na le sitoa ho etsa letho.

Ha eba motho a sa lule ho ‘na, o tla lahleloa kantle joaloka lekala la morara, a omelle. Makala a omeletseng a ee a bokelloe a akheloe mollong, a che. Haeba le lula ka ho ‘na le tsona lipolelo tsa ka li lula ka ho lona, ha le kopa sohle seo le se ratang, le tla se nehoa. Ke ka tsela ena Ntate a tlotlisoang, ha le beha litholoana haholo ‘me le e-ba barutuoa ba ka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Motšeanong 2025

Read Next

La 22 Motšeanong 2025

Most Popular